Ho rokwe Modimo o hodimodimo, o neetseng dira tsa hao matsohong a hao! Yaba Abrame o mo abela karolo ya leshome ya ntho tsohle.
2 Bakorinthe 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho bokwe Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo, Modimo wa matshediso wohle, BIBELE Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo le Modimo wa matshediso wohle. Baasraak Sotho NT Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo, Modimo wa matshediso wohle; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo, Modimo wa matshediso wohle; |
Ho rokwe Modimo o hodimodimo, o neetseng dira tsa hao matsohong a hao! Yaba Abrame o mo abela karolo ya leshome ya ntho tsohle.
Yaba Davida o boka Jehova pela phutheho kaofela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele ntata rona, o bokwe ka ho sa feleng le ka ho sa feleng!
Balevi, Joshua, Kadmiele, Bani, Hashabnia, Sherebia, Hodia, Shebania, le Pethahia, ba re: Emang, le boke Jehova, Modimo wa lona, ka ho sa feleng le ka ho sa feleng! Ho bokwe lebitso la hao le kganyang, mme le phahamiswe ho feta dipoko tsohle le dithoko tsohle!
Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.
Modimo, o a tshabeha o le sehalalelong sa hao! Ke Modimo wa Iseraele o neang setjhaba sa wona matla le borena. Modimo a o rokwe!
Ho bokwe lebitso la hae le kganyang ka ho sa feleng; lefatshe lohle le ke le tlale kganya ya hae! Amen! e, amen!
Empa wena, Morena, o Modimo o lereko, o molemo, o diehang ho halefa, o tletseng mohau le nnete.
Jwaloka motho ya tshediswang ke mmae, ke tla le tshedisa jwalo, mme le tla tshediswa Jerusalema.
Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng!
Empa ho Morena, Modimo wa rona, ho na le mohau le tshwarelo, hobane re ikgantsheditse yena.
Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.
Jesu a re ho yena: Se nkame, hobane ha ke eso ho nyolohele ho Ntate; o mpe o ye ho banabeso, o re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntata lona, ho Modimo wa ka, e leng le Modimo wa lona.
Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, e leng o bokwang ka ho sa feleng, o a tseba hoba ha ke leshano.
hore Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate wa kganya, o le nee moya wa bohlale le wa tshenolo tsebong ya wona;
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;
Re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, merapelong eo re sa phetseng ho le rapella ka yona;
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau wa wona o boetse o re tswaletse tshepong e phedisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung,
Ke thabile haholo ha ke fihletse bana ba bang ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate.
Mang le mang ya kgelohang, ya sa tiisetseng thutong ya Kreste, ha a na Modimo; ya tiisetsang thutong ya Kreste, yena o na le Ntate le Mora.