Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 o re tshedisang mahlomoleng wohle a rona, hore ba leng mahlomoleng, leha e le afe le afe, re tle re tsebe ho ba tshedisa ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 o re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, hore re tle re tsebe ho tshedisa ba mahlomoleng afe kapa afe, ka matshediso ao rona ka borona re tshediswang ke Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 o re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, hore re tle re tsebe ho tshedisa ba mahlomoleng afe kapa afe, ka matshediso ao rona ka borona re tshediswang ke Modimo.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 1:4
24 Referencias Cruzadas  

Ka ba ka o bolella sebe sa ka, mme ha ke a ka ka pata bokgopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlola ha ka ho Jehova; mme wa hlakola bokgopo ba sebe sa ka. (Sela.)


O setshabelo sa ka; o ntwela matswalong, o ntika ka dipina tsa topollo. (Sela.)


Tloong, le mamele, lona kaofela ba tshabang Modimo, ke tla le bolella seo o se entseng bakeng sa moya wa ka.


O etse pontsho bakeng sa ka ya hoba o molemo ho nna, e tle e bonwe ke dira tsa ka, di ke di swabe! hobane, Jehova, o a nthusa, o a ntshedisa.


Ka letsatsi leo o tla re: Jehova, ke a o rorisa, hobane o ne o nkgalefetse, empa bohale ba hao bo kgutlile, mme o ntshidisitse.


Tshedisang, tshedisang setjhaba sa ka, ho bolela Modimo wa lona.


Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.


Ke nna, ke nna ke le tshedisang! Na ke kang ha o ka tshaba motho ya shwang, le ngwana motho ya omellang jwaloka jwang?


Ka mokgwa o jwalo, Jehova o utlwetse Sione bohloko, o utlwetse nqalo tsohle tsa hae tse senyehileng bohloko; o fetotse nahathothe ya hae ya eba jwaloka Edene, le naha ya hae e omeletseng o e entse serapa sa Jehova. Thabo le nyakallo di fumanwa teng, ka difela le dipina.


Dumisang ditlatse hammoho le nyakallo, lona masupi a Jerusalema, hobane Jehova o hauhetse setjhaba sa hae, o lopolotse Jerusalema.


Mme ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, a tle a dule le lona ka ho sa feleng;


Ha nka ke ka le tlohela la ba dikgutsana; ke sa tla boela ho lona.


empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke yena ya tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa le tsohle tseo ke le boleletseng tsona.


Ke ka baka leo re tshedisitsweng; hape, kahodima tshediso ya rona re thabile haholoholo ka baka la thabo ya Tite, hobane moya wa hae o kile wa kgathollwa ke lona bohle.


Ke bua le lona ka matla a maholo, ke ithorisa haholo ka lona; ke tletse tshediso, ke thabile ka ho fetisisa mahlomoleng wohle a rona.


Mme jwale, ba bangata ho bana babo rona Moreneng ba ekeleditswe matla a ho bolela lentswe la Modimo, ba se na tshabo, ka ho kgothahala ke ditlamo tsa ka.


Ka baka leo, le ke le tshedisane ka dipolelo tseo.


Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le hahisane, jwalokaha le fela le etsa.


A le ke le tiiseng ke hona matsoho a tepeletseng le mangwele a tetemang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos