Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atetse, le wona matshediso a re atetse ka Kreste.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Jwalokaha mahloko a Kreste a re aparetse, ka mokgwa o jwalo le wona matshediso a re ngatafaletse ka Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atile, matshediso a rona le wona a re atile ka Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atile, matshediso a rona le wona a re atile ka Kreste.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 1:5
13 Referencias Cruzadas  

Ho ne ho na le monna Jerusalema, ya bitswang Simeone; monna eo o ne a lokile, a hlonepha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele; mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?


Mme ha re le bana, re majalefa: majalefa a Modimo, le majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re utlwa bohloko le yena, re tle re newe kganya le yena.


ka tebello e tiyang ya ka, le ka tshepo eo ke nang le yona, ya hoba nke ke ka swabiswa tabeng leha e le nngwe; ke mpa ke tsebisisa hore, esita le jwale le mehleng yohle, Kreste o tla tlotliswa mmeleng wa ka, leha e le ka ho phela ha ka, leha e le ka ho shwa ha ka.


Ka baka leo, ekare ha tshediso e le teng ho Kreste, ha ho le kgothatso ya lerato, ha ho le kopano ya Moya, ha ho le lereko le mehauhelo,


ke tle ke tsebe Jesu Kreste, le matla a tsoho ya hae, le ho kopana le yena mahlomoleng a hae, ke tle ke tshwane le yena lefung la hae;


Jwale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lona, mme ke phethisisa nameng ya ka ho setseng ha mahlomola a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.


le dihloriso le tse bohloko tse kileng tsa ntlhahela Antioke, le Ikone, le Listra, le dihloriso dife le dife tseo ke di mameletseng; empa Morena o ntwetse ho tsona kaofela.


empa erekaha le nkile kabelo mahlomoleng a Kreste, thabang hore, mohla kganya ya hae e bonahalang, le tle le thabe ka nyakallo e fetisisang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos