Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Balevi, Joshua, Kadmiele, Bani, Hashabnia, Sherebia, Hodia, Shebania, le Pethahia, ba re: Emang, le boke Jehova, Modimo wa lona, ka ho sa feleng le ka ho sa feleng! Ho bokwe lebitso la hao le kganyang, mme le phahamiswe ho feta dipoko tsohle le dithoko tsohle!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Yaba Balevi, e leng bo-Jeshua, le Kademiele, le Bani, le Hashabeniya, le Sherebiya, le Hodiya, le Shebaniya, le Petahiya, ba re: “Emang, le boke Morena Modimo wa lona, ya hlolang kamehla yohle! Lebitso la hao le tlotlehang le bokwe, le fetang dipoko tsohle le dithoko tsohle!

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:5
36 Referencias Cruzadas  

Ebile morena o reteletsa sefahleho sa hae, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele, phutheho yohle ya Iseraele e ntse e eme,


a re: Ho bokwe Jehova Modimo wa Iseraele, ya buileng ka molomo wa hae le ntate Davida, ya phethileng polelo ya hae ka letsoho la hae, jwalokaha a ne a itse:


Ebile Salomone o ema pela aletare ya Jehova, pontsheng ho phutheho yohle ya Iseraele, a emisetsa matsoho a hae mahodimong,


Empa fale Modimo o fela o ka aha lefatsheng na? Bona, esita le mahodimo le mahodimo a mahodimo a ke ke a o kopa; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!


Ho roriswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ho tloha ho sa simoloheng ho isa ho sa feleng. Setjhaba sohle sa re: Amen! sa rorisa Jehova.


Oho, Jehova, boholo, le matla, le letlotlo, le hlolo, le kganya, ke tsa hao! Hobane tsohle tse mahodimong le lefatsheng ke tsa hao. Borena le bona ke ba hao, Jehova, mme o phahametse tsohle o le morena.


Mme jwale, Modimo wa rona, re a o boka, re rorisa lebitso la hao le kganyang.


Davida a boela a re ho phutheho kaofela: Jwale, bokang Jehova, Modimo wa lona! Ebile moo phutheho yohle e bokang Jehova, Modimo wa bontata bona; ba inama, ba kgumama pela Jehova le pela morena.


Bajuda bohle ba ema jwalo pela Jehova, hammoho le bana ba bona ba banyenyane, le basadi ba bona le bara ba bona.


Balevi ba bara ba Bakehathe le ba bara ba Bakore ba ema ho boka Jehova, Modimo wa Iseraele, ka mantswe a maholo, a phahameng.


Ba dumelana ba ntse ba rorisa, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ho Iseraele ke o sa feleng. Setjhaba sohle sa etsa ditlatse tse kgolo tsa ho rorisa Jehova ka taba ya hobane ho thewa metheo ya ntlo ya Jehova.


Yaba Joshua, Bani, Kadmiele, Shebania, Bunni, Sherebia, Bani, le Kenani, ba ema sethaleng sa Balevi, ba howeletsa ho Jehova, Modimo wa bona, ka mantswe a phahameng.


Ke wena Jehova o nnotshi; ke wena ya entseng mahodimo, mahodimo a mahodimo le makgotla wohle a wona, lefatshe le tsohle tse ho lona, mawatle le tsohle tse ho wona; ke wena ya phedisang ntho tseo tsohle; makgotla a mahodimo a ntse a kgumama pela hao.


Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.


Ke mang ya ka tsebang ho bolela diketso tse phahameng tsa Jehova, le ho bina dithoko tsa hae kaofela?


Bonang, le boke Jehova, lona bahlanka ba Jehova kaofela, ba emang le bosiu ka tlung ya Jehova!


Ke tla o boka ka matsatsi wohle, ke rorise lebitso la hao kamehla le mehla, le ka ho sa feleng.


Ke tla nahana bokgabane le kganya ya boholo ba hao, le diketso tse hlollang tsa hao.


Ke tla rorisa Jehova, ha ke sa ntse ke phela; ke tla binela Modimo wa ka, ha ke sa ntse ke le teng!


Ke itse ho Jehova: Ke wena Morena wa ka; kantle ho wena ha ke na leruo le fetisang ka boholo.


Rokang kganya ya lebitso la wona, le o tlotlise ka dithoko.


A ba ke ba rorise lebitso la hao le leholo, le tshabehang, hobane le a halalela.


Ke mang ya ka ka wena Jehova, hara medimo? Ke mang ya kganyang ka hlweko jwaloka wena? O tshabeha ka dithoko, o etsa mehlolo.


Letsoho la hao le letona, Jehova, le tumile ka matla a lona; tsoho la hao le letona, Jehova, le thuhakantse sera.


Daniele a re: Ho bokwe lebitso la Modimo kamehla le mehla, hobane efela o na le bohlale le matla!


Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.


Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.


Ekare ha o sa itise ho etsa ka dipolelo tsohle tsa molao ona, tse ngodilweng bukeng ena, mme ha o sa tshabe lebitso leo le kganyang, le tshabehang la Jehova, Modimo wa hao,


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau wa wona o boetse o re tswaletse tshepong e phedisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung,


Lengeloi la Jehova la re ho yena: O botsetsang lebitso la ka? Ke le makatsang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos