La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 7:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ka selemo se seng le se seng, o ne a ya le metse ho isa Bethele, le Gilgale, le Mitspe, a ahlolela Baiseraele metseng eo kaofela.

Ver Capítulo

BIBELE

Ka selemo le selemo o ne a ye a tsamaye a potoloha ho ya Bethele, le Gilegale, le Misepa, mme a ahlolela Baiseraele dibakeng tseo tsohle.

Ver Capítulo



1 Samuele 7:16
15 Referencias Cruzadas  

A rea nqalo eo lebitso la Bethele (ntlo ya Modimo); hobane pele, lebitso la motse oo e ne e le Luse.


Jakobo le batho bohle bao a nang le bona, ba fihla Luse, ke ho re Bethele, naheng ya Kanana,


Etlare hobane ke bee latsatsi la teng, ke tla ahlola ka ho loka.


Utlwang taba ena, lona baprista, le mamele, lona ba ntlo ya Iseraele, le lona ba ntlo ya morena, le sekehe tsebe, hobane ho ahlolwa lona; hobane le bile jwaloka sefi Mitspe, le jwaloka leraba le tjhehilweng hodima Thabore.


Le se ke la batla Bethele, le se ke la ya Gilgale, le se ke la fetela Beerseba; hobane Gilgale o tla iswa kgolehong, Bethele a etswe lefeela.


Mitspe, Kefira, Motsa,


Bana ba Iseraele ba emisa Gilgale, ba etsa Paseka ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, nakong ya mantsiboya, mahwatateng a Jeriko.


Jwale, Jehova a re ho Joshua: Kajeno, ke phikolositse sekgobo sa Egepeta, ke se tlositse ho lona. Ka baka leo, nqalo eo e reilwe lebitso la Gilgale (phikoloso), le kajeno.


O ne a na le bara ba mashome a mararo, ba kallang diesele tse mashome a mararo; ba ne ba na le metse e mashome a mararo naheng ya Gileade, e reilweng lebitso la Havvoth-Jaire le kajeno.


A ba le bara ba mashome a mane le ditloholo tse mashome a mararo, ba neng ba palama diesele tse mashome a supileng. A ahlolela Iseraele ka dilemo tse robileng meno e le mmedi.


lona ba palameng diesele tse tshweu lona ba dutseng maseleng a alwang; le lona ba tsamayang ka ditsela, binang!


Jwale, Samuele a memela setjhaba Mitspe pela Jehova.


Yaba Samuele o re ho setjhaba: Tloong, re yeng Gilgale, re boeleng re tiise borena hona teng.


Yaba Samuele, o re: Phuthelang Baiseraele bohle Mitspe, ke tle ke le rapelle ho Jehova teng.