Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baahlodi 10:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O ne a na le bara ba mashome a mararo, ba kallang diesele tse mashome a mararo; ba ne ba na le metse e mashome a mararo naheng ya Gileade, e reilweng lebitso la Havvoth-Jaire le kajeno.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 O ne a ena le bara ba mashome a mararo, ba neng ba palama dipetsana tsa ditonki tse mashome a mararo. Ba ne ba ena le metse e mashome a mararo naheng ya Gileade, eo le kajeno-ya-bokajeno e ntseng e bitswa Metse ya Jaire.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 10:4
8 Referencias Cruzadas  

Morena a re ho Tsiba: O reng ka tseo? Tsiba a re: Diesele ke hore ba ntlo ya morena ba di palame; mahobe wona le mangata a difeiye e be dijo tsa bahlankana, veine yona e nowe ke ya kgathalang feelleng.


Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.


Jaire, mora Manasse, a futuha, mme a hapa metse, a e bitsa Havvoth-Jaire.


Jaire, mora Manasse, a nka naha yohle ya Argobe ho isa moeding wa Bageshure le wa Bamaakathe, mme a reella metse ya Bashane lebitso la hae; e ntse e le Havvoth-Jaire le kajeno.


Kamora hae, ha hlaha Jaire, Mogileade; yena a ahlolela Iseraele ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi.


Jaire a shwa, mme a patwa Kamone.


A ba le bara ba mashome a mane le ditloholo tse mashome a mararo, ba neng ba palama diesele tse mashome a supileng. A ahlolela Iseraele ka dilemo tse robileng meno e le mmedi.


lona ba palameng diesele tse tshweu lona ba dutseng maseleng a alwang; le lona ba tsamayang ka ditsela, binang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios