Ke beile tshepo ya ka ho Jehova; na le ka re ho moya wa ka jwang: Balehela dithabeng tsa heno jwaloka nonyana?
1 Samuele 23:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa banna ba Davida ba re ho yena: Bona, haele moo re tshaba re sa le kwano, Juda, re tla tshaba hakakang, ha re ka ya Keila ho makgotla a Bafilesta? BIBELE Empa banna ba Davida ba re ho yena: “Haesita re tshaba re sa le moo Juda, re tla tshaba ho le hokae ha re eya Keila ho lwantsha mabotho a Bafilesita?” |
Ke beile tshepo ya ka ho Jehova; na le ka re ho moya wa ka jwang: Balehela dithabeng tsa heno jwaloka nonyana?
Ha esitile o beisa le ba maoto, mme ba o kgathaditse, na o ka beisa jwang le dipere? Mme ha o sa tshohe letho fatsheng la kgotso, na mahlakeng a Jordane o ka etsa jwang?
Leha Davida a bone hobane Saule o tswetse ho mmatla, Davida a dula feelleng la Sife, morung.
Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya, ke hlole Bafilista bao na? Jehova a re ho Davida: Eya, o hlole Bafilesta, o namolele Keila.
Bonang ke hona, le tsebe sephiri seo a ipatang ho sona, le ntoo boya le tsebile, ke tle ke ye le lona; etlare ha a dutse lefatsheng lena, ke tla nne ke mmatle, ke be ke qete dikete tsohle tsa Juda.
Saule o ba a tsamaya lehlakoreng le ka kwano ho thaba, Davida yena le banna ba hae ba tsamaya lehlakoreng le ka nqane ho thaba. Davida a baleha pela Saule, a tshaba, kahobane Saule le banna ba hae ba ne ba se ba ya teela Davida le banna ba hae hare, ba ba tshware.
Davida a eketsa hape, a botsa Jehova; Jehova a mo arabela, a re: Tloha, o theohele Keila, hobane ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.