Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 23:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Davida a eketsa hape, a botsa Jehova; Jehova a mo arabela, a re: Tloha, o theohele Keila, hobane ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Davida a boela a botsa Morena, mme Morena a mo araba, a re: “Ema, o theohele Keila, hobane ke tla neelana ka Bafilesita matsohong a hao.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 23:4
14 Referencias Cruzadas  

Kamora tseo, Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya ho o mong wa metse ya Juda na? Jehova a re ho yena: Eya. Davida a re: Ke tla ya ho ofe? Jehova a re: Eya Hebrone.


Ebile Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla nyolohela mo lwantsha Bafilesta? Na o tla ba neela matsohong a ka na? Jehova a re ho Davida: Nyoloha, hobane ruri ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.


E nyenyane taba ena mahlong a Jehova: hape, o tla be a neele le Bamoabe matsohong a lona.


Yaba Davida o botsa Jehova, a re: Na ke tla ya lwantsha Bafilesta? na o tla ba neela matsohong a ka na? Jehova a re ho yena: Eya, mme ke tla ba neela matsohong a hao.


Ke hona le tla tsoha mekgahlelong, le kene motse, hobane Jehova, Modimo wa lona, o tla o neela matsohong a lona.


Yaba Gideone o re ho Modimo: Kgalefo ya hao e se ke ya ntukela; ke sa bua hang feela; nke ke leke hape, hang feela, ka letlalo, ke re: Letlalo le ke le fumanwe le omile le nnotshi, phoka e letse kahohle fatshe.


Jwale Jehova a re ho Gideone: Ke tla le namolela ka batho bana ba makgolo a mararo ba qaphileng, ke neele Bamidiane matsohong a hao ka bona; ba bang bohle ba ipoelle e mong le e mong ha habo.


Bosiung bona boo, Jehova a re ho yena: Ema, o theohele diahelong, etswe ke di neetse matsohong a hao.


Ba boela ba botsa Jehova, ba re: Na monna elwa a ke ke a tla mona na? Jehova a re: Bonang, ke yane, o ipatile diphahlong.


Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya, ke hlole Bafilista bao na? Jehova a re ho Davida: Eya, o hlole Bafilesta, o namolele Keila.


Empa banna ba Davida ba re ho yena: Bona, haele moo re tshaba re sa le kwano, Juda, re tla tshaba hakakang, ha re ka ya Keila ho makgotla a Bafilesta?


Jwale, Davida le banna ba hae ba ya Keila, ba lwana le Bafilesta, ba hapa kgomo tsa bona, mme ba ba bolaya ka polao e kgolo. Davida a namolela ba ahileng Keila jwalo.


Leha Saule a ne a botsa Jehova, Jehova o ne a sa mo arabele, leha e le ka ditoro, leha e le ka Urime, leha e le ka baporofeta.


Davida a botsa Jehova, a re: Ha nka phallela letshwele lela, ana ke tla ba tshwara na? Jehova a re ho yena: Phalla, hobane o fela o tla ba tshwara, le ho hlakodisa tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos