Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 23:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Saule o ba a tsamaya lehlakoreng le ka kwano ho thaba, Davida yena le banna ba hae ba tsamaya lehlakoreng le ka nqane ho thaba. Davida a baleha pela Saule, a tshaba, kahobane Saule le banna ba hae ba ne ba se ba ya teela Davida le banna ba hae hare, ba ba tshware.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Saule le banna ba hae ba pota thaba ka nqena, Davida le banna ba hae bona ba e pota ka nqane. Ka baka la ho tshaba Saule, Davida le banna ba hae ba baleha ka potlako, hobane Saule le banna ba hae ba ne ba leka ho kopela Davida le banna ba hae hare, hore ba tle ba ba tshware.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 23:26
17 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho bahlanka bohle ba hae bao a nang le bona Jerusalema: Tlohang, re baleheng: ha ho se jwalo, ha ho le a mong wa rona ya tla phonyohela Absalome. Phakisang le tlohe, esere mohlomong a re tshwara sehloho, a re ntsha kotsi, a bolaya le ba motseng ka bohale ba lerumo.


Oho, Modimo wa rona, na o ke ke wa ba ahlola na? Hobane ha ho matla ka ho rona a ho lwana le sera seno se seholohadi se re futuhelang; hape ha re tsebe hore na e ka kgona re etseng? empa mahlo a rona a tadimile wena.


Ba teetse metsamao ya rona hare, ba hlwela ka mahlo ho re dihela fatshe;


o mpate tlasa mapheo a hao, ho ba babe ba ntsohelang matla, le ho dira tse batlang bophelo ba ka, tse nkopetseng ka bohale.


Ke dikilwe ke dipoho tse ngata, dipoho tse bohale tsa Bashane di nkopetse.


Hobane dintja di nteetse hare, lekgotla la ba bolotsana le ntikile, ba hlabile diatla tsa ka le maoto a ka.


Ka na ka re tsietsing ya ka: Ke tlositswe pela mahlo a hao. Empa o utlwile lentswe la thapedisiso ya ka, ha ke ne ke bitsa ho wena.


Efela banabeso, ha re rate hoba le se ke la tseba hoba, haele mahlomola a re hlahetseng Asia, re kile ra hatellwa ka hosele ho fetisa matla a rona, ra ba ra fellwa le ke tshepo ya ho phela.


Ka ba bona ba tla ka bophara ba lefatshe, mme ba dika diahelo tsa bahalaledi le motse o ratwang; ha mpa ha hlaha mollo o tswang ho Modimo lehodimong, mme wa ba qeta.


Ba Gasa ba utlwa ho thwe: Samsone o tlile kwano. Yaba ba mo teela hare, ba mo lalla bosiu bohle kgorong ya motse; ba kgutsa bosiu bohle, ba re: Hosasane, ha bo esa, re tla mmolaya.


Mikale a ba a theosa Davida ka fenstere. A ikela jwalo, a thoba, a phonyoha.


Jonathane a boela a howeletsa mohlankana, a re: Itlhahanele, o akofe, o se ke wa ema. Yaba mohlankana wa Jonathane o thola metsu, mme a e tlisa ho monga hae.


Saule a ya jwalo le banna ba hae ho batla Davida. Davida a tsebiswa, a ba a theohela lefikeng, a dula feelleng la Maone. Saule ha a utlwa, a phallela Davida feelleng la Maone.


Ha mpa ha fihla lenqosa ho Saule, la re; Phakisa o tle, hobane Bafilesta ba futuhetse naha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos