Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 23:3 - BIBELE

3 Empa banna ba Davida ba re ho yena: “Haesita re tshaba re sa le moo Juda, re tla tshaba ho le hokae ha re eya Keila ho lwantsha mabotho a Bafilesita?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa banna ba Davida ba re ho yena: Bona, haele moo re tshaba re sa le kwano, Juda, re tla tshaba hakakang, ha re ka ya Keila ho makgotla a Bafilesta?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 23:3
7 Referencias Cruzadas  

Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke tshabela ho Morena. Keng ha le re ho nna: “Balehela thabeng jwaloka nonyana?”


“Ha o ila wa kgathala o ipeisa le batho, jwale dipere o tla ipeisa jwang le tsona? Haeba o ka kgoptjwa naheng e bataletseng, mahohoding a Jorodane o ka tsamaya jwang?


Davida a tseba hore Saule o tswile hae ho ya mo tsoma, a mmolaye. Davida o ne a le Horeshe lehwatateng la Sife;


Yaba Davida o botsa Morena, o re: “Na nka futuhela Bafilesita baa?” Morena a re ho Davida: “Eya, o futuhele Bafilesita, mme o namolele motse wa Keila.”


Ka baka leo, hlokomelang, le tsebe diforo tsohle tseo a ipatang ho tsona, ebe le ntsebisa seo e leng nnete, mme ke tla ya le lona. Haeba a ntse a le naheng eo, ke tla mmatla hara setjhaba sohle sa Juda.”


Saule le banna ba hae ba pota thaba ka nqena, Davida le banna ba hae bona ba e pota ka nqane. Ka baka la ho tshaba Saule, Davida le banna ba hae ba baleha ka potlako, hobane Saule le banna ba hae ba ne ba leka ho kopela Davida le banna ba hae hare, hore ba tle ba ba tshware.


Davida a boela a botsa Morena, mme Morena a mo araba, a re: “Ema, o theohele Keila, hobane ke tla neelana ka Bafilesita matsohong a hao.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos