Hushai a eketsa a re: O tseba ntatao le banna ba hae, hobane ke bahale ba pelo di babang, jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng; hape, ntatao ke monna wa ntwa, a ke ke a robala le sera.
1 Samuele 22:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, ha phuthehela ho yena bohle ba ditsietsing, le bohle ba nang le melato, le bohle ba pelo di ngongorehang, ya eba yena mong a bona, ya batla e eba batho ba makgolo a mane. BIBELE Batho bohle ba ditsietsing, le ba melatong, le ba utlwileng bohloko, ba kgobokanela ho yena, ya eba mookamedi wa bona. Batho bao e ne e ka ba makgolo a mane. |
Hushai a eketsa a re: O tseba ntatao le banna ba hae, hobane ke bahale ba pelo di babang, jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng; hape, ntatao ke monna wa ntwa, a ke ke a robala le sera.
Maoba le maobane, Saule haesale morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele le ho ba orosetsa hae, le Jehova o kile a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa Iseraele.
Boya, o re ho Esekiase, modisa wa setjhaba sa ka: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona, ke tla o fodisa; ka la boraro o tla nyolohela tlung ya Jehova.
Yaba mosadi e mong, wa basadi ba bara ba baporofeta, o lla ho Elisha, a re: Mohlanka wa hao, monna wa ka, o timetse; o a tseba hobane mohlanka wa hao o ne a tshaba Jehova; jwale monna eo re leng molato ho yena o tlile ho nka bara ba ka ba babedi, hore a ba etse bafo.
Jwala bo tahang le bo nee motho ya ya timela, le veine le e nose motho ya pelo e hlomohileng;
Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o kenwa ka matla, mme ba bohale ba o hapa.
Efela ho ne ho tshwaneleha hoba yena eo ntho tsohle di etseditsweng yena, eo tsohle di entsweng ke yena, ha a ne a tla isa bana ba bangata kganyeng, a phethisise ka bohloko eo e leng Morena wa poloko ya bona.
Yaba Jafeta o baleha ke ho tshaba banababo, a ya aha naheng ya Tobe; banna ba lefeela ba phuthehela ho yena, mme ba nna ba futuha le yena.
Bana ba Dane ba re ho yena: O se ke wa re utlwisa lentswe la hao, esere mohlomong banna ba pelo tse halefang ba le wela hodimo, mme wa itshenyetsa bophelo ba hao le ba ntlo ya hao.
Davida a ntoo tloha teng, a ya Mitspe wa Moabe, a re ho morena wa Moabe: Ntate le mme ba ke ba tle, ba dule le lona, ke be ke tsebe seo Modimo o tla nketsa sona.
Jwale, Davida a tloha, a ena le banna ba hae, e batla e eba batho ba makgolo a tsheletseng, ba tswa Keila, ba ya moo ba yang. Saule a tsebiswa hobane Davida o balehile Keila; a lesa ke hona ho ya pele.
Davida a re ho banna ba hae: E mong le e mong a nke sabole ya hae. E mong le e mong a nka sabole ya hae, le Davida a nka sabole ya hae; ba tloha, ba ya le Davida, e batlile e eba batho ba makgolo a mane, ha sala ba makgolo a mabedi le diphahlo.
Kahoo, Davida a tsieleha haholo, hobane le batho ba ne ba bolela taba ya ho mo tlepetsa ka majwe, hobane pelo tsa bohle di ne di baba, e mong le e mong ka baka la bara ba hae le la baradi ba hae; empa Davida a ikgothatsa ka Jehova, Modimo wa hae.
Hosasane, ha ho le jwalo, ke tla o romela monna ya tswang naheng ya Benjamine; o ke o mo tlotse, e be mong a setjhaba sa ka sa Iseraele; o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesta, etswe ke hopotse setjhaba sa ka, kahobane dillo tsa sona di fihlile ho nna.