Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 17:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hushai a eketsa a re: O tseba ntatao le banna ba hae, hobane ke bahale ba pelo di babang, jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng; hape, ntatao ke monna wa ntwa, a ke ke a robala le sera.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Hushai a tswela pele, a re: “Wena o tseba ntatao le banna ba hae; ke bahale ba pelo di mpe, ba jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng. Ntatao ke monna ya tsebang ntwa; ha a na ho robala le bahlabani ba hae.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 17:8
20 Referencias Cruzadas  

Haele bahlanka ba hae, ba tsamaya kamathoko ho yena; Bakerethe le Bapelethe bohle, le bohle ba Gathe, e leng batho ba makgolo a tsheletseng, ba tlileng le yena ha a tloha Gathe, ba etella morena pele.


Ekaba le jwale o ipatile sekoting se seng, kapa kahosele; leha ba bang ho ba kwano ba ka wa, ntwa e sa qala, ya eba taba e utlwahalang, ya utlwang o tla re: Kotsi e hlahetse setjhaba se latelang Absalome.


Bahale bao ba bararo ba ya, ba phunyaka makgotla a Bafilesta, ba ya kga metsi sedibeng sa Bethlehema se kgorong; ba a kga, ba tla le wona ho Davida; a mpa a hana ho a nwa, a a tshollela Jehova,


E mong ke Abishai, ngwanabo Joabe, mora Tseruja; ke e mong e moholo ho ba bararo ba bang; a betsa ka lerumo la hae, a hlaba ba makgolo a mararo, a iketsetsa lebitso hara ba bararo.


Yena a reteleha, a ba sheba, a ba rohaka ka lebitso la Jehova. Yaba ho tswa dibere tse pedi tse tshehadi morung, tsa harola bana ba mashome a mane a metso e mmedi.


Ho molemo ho kgahlana le tau e nketsweng bana, ho fetisa ho kgahlana le lehlanya bohlanyeng ba lona.


Morena ya lonya ya busang setjhaba se fumanehileng, ke tau e purumang, ke bere e lapileng.


o re: Mmao e ne e le mang? E ne e le tauhadi; e ne e bothile hara ditau, e ne e hodisa bana ba yona hara ditawana.


Ka ntoo bona sebatana se seng sa bobedi se le jwaloka bere, se eme ka lehlakore le le leng, se ena le dikgopo tse tharo molomong wa sona, dipakeng tsa meno a sona, mme ha thwe ho sona: Tloha, o rusolle dinama tse ngata.


Ke tla ikakgela hodima bona jwaloka bere e timeletsweng ke bana ba yona, ke harole difuba tsa bona, ke ba jele teng jwaloka tau e tshehadi; dibatana tsa naha di tla ba harola.


Bana ba Dane ba re ho yena: O se ke wa re utlwisa lentswe la hao, esere mohlomong banna ba pelo tse halefang ba le wela hodimo, mme wa itshenyetsa bophelo ba hao le ba ntlo ya hao.


E mong wa bahlanka a fetola, a re: Bona, ke bone mora e mong wa Jese wa Bethlehema, ya tsebang ho letsa; hape, ke motho ya matla, ya bohale, motho wa ntwa, ya kelello ditabeng, ya sebopeho se setle, mme Jehova o ho yena.


Davida a hlola Mofilesta jwalo ka letjeketjane le ka lejwe, a bolaya Mofilesta, a mo timetsa, ho se sabole letsohong la Davida.


Bonang ke hona, le tsebe sephiri seo a ipatang ho sona, le ntoo boya le tsebile, ke tle ke ye le lona; etlare ha a dutse lefatsheng lena, ke tla nne ke mmatle, ke be ke qete dikete tsohle tsa Juda.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos