Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 17:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ekaba le jwale o ipatile sekoting se seng, kapa kahosele; leha ba bang ho ba kwano ba ka wa, ntwa e sa qala, ya eba taba e utlwahalang, ya utlwang o tla re: Kotsi e hlahetse setjhaba se latelang Absalome.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Le hona jwale o ipatile mahaheng, kapa sebakeng se seng. Haeba ba bang ba bahlabani ba rona ba ka bolawa sethathong, ya utlwang o tla re: ‘Balatedi ba Abosalome ba entswe mofela.’

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 17:9
10 Referencias Cruzadas  

Ha ho le jwalo, esita le eo e leng senatla, eo pelo ya hae e kang pelo ya tau, o tla fokola haholo, etswe Baiseraele bohle ba tseba hobane ntatao ke mohale, le hobane banna bao a nang le bona ba matla ntweng.


Hushai a eketsa a re: O tseba ntatao le banna ba hae, hobane ke bahale ba pelo di babang, jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng; hape, ntatao ke monna wa ntwa, a ke ke a robala le sera.


Lemena leo Ishmaele a lahletseng ho lona ditopo kaofela tsa batho bao a ba bolaileng hammoho le Gedalia, ke leo morena Asa a neng a le entse ka ho tshaba Baesha, morena wa Iseraele; ke lona lemena leo Ishmaele a kileng a le tlatsa ditopo.


Banna ba Ai ba bolaya banna ba mashome a mararo a metso e tsheletseng ho bona, mme ba ba phallela ho tloha kgorong ya motse ho isa Shebarime, ba ba bolaela le motheong; ebile setjhaba se nyahama dipelo, tsa eba jwaloka metsi.


Ba tla tswa, ba re phallele, ho fihlela re ba hulela hole le motse, hobane ba tla re: Ba sa baleha pela rona, jwalokaha pele; mme re fela re tla ba balehela.


Ebile Davida o tloha teng, a balehela lehaheng la Adullame; mme banababo le bohle ba ntlo ya ntatae ha ba utlwa, ba theohela teng ho yena.


Eyang le batle, mme le tsebe le ho bona moo leoto la hae le hatang teng, hape ke mang ya mmoneng teng, hobane ke boleletswe hoba o etsa ka bohlale.


Ha a ntse a tsamaya, a fihla metebong ya dinku, moo lehaha le leng teng. Saule a kena teng ho apesa maoto a hae, athe Davida le banna ba hae ba ne ba le harehare ho lehaha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos