Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 17:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha ho le jwalo, esita le eo e leng senatla, eo pelo ya hae e kang pelo ya tau, o tla fokola haholo, etswe Baiseraele bohle ba tseba hobane ntatao ke mohale, le hobane banna bao a nang le bona ba matla ntweng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Esitana le mohale eo bohale ba hae ekang ba tau, o tla nyahama pelo. Baiseraele bohle ba a tseba hore ntatao ke mohlabani, le hore banna bao a nang le bona ke bahale.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 17:10
17 Referencias Cruzadas  

Juda ke tauana; moraka, o kgutla ho hapeng! o a lalla, o nanara jwaloka tau, le jwaloka tauhadi; ke mang ya ka mo tsosang?


Saule le Jonathane ba ne ba rateha, ba kgahleha ho pheleng ha bona; le ho shweng ha bona ha ba ka ba kgaohanngwa; ba ne ba le lebelo ho feta dintsu, ba le matla ho feta ditau.


Ekaba le jwale o ipatile sekoting se seng, kapa kahosele; leha ba bang ho ba kwano ba ka wa, ntwa e sa qala, ya eba taba e utlwahalang, ya utlwang o tla re: Kotsi e hlahetse setjhaba se latelang Absalome.


E mong ke Benaia, mora Jehojada, mora mohale e mong wa Kabtseele; a ba moholo ka diketso tsa hae. A bolaya tau tse pedi tse matla tsa Moabe; a boela a theoha, a bolaya tau e nngwe lemeneng, mohla lehlwa le kgethehang.


Mohlang oo, o kile wa bua ka pono ho bakgethwa ba hao, wa re: Ke thusitse mohale, ke phahamisitse eo ke mo kgethileng hara setjhaba;


Mahosana a Edomo a kile a tlakasela, dinatla tsa Moabe di bolailwe ke matswalo, baahi bohle ba Kanana ba qhibilihile.


Motho e mobe o a balehe, leha a sa phallelwe, empa ba lokileng ba iketlile jwaloka tau e ntjha.


Bonang, ditao tseo ke tsa Salomone: di felehetswa ke bahale ba mashome a tsheletseng, ba kgethilweng hara dikwankwetla tsa Iseraele.


Ka baka leo, matsoho kaofela a lepeletse, dipelo tsa batho bohle di tepeletse.


Boporofeta hodima Egepeta: Bonang! Jehova o kaletse leru le bobebe, o lebile Egepeta; medimo ya Egepeta e thothomela pela hae, mme dipelo tsa Baegepeta di tepella ka ho bona.


Ke hore dipelo di tle di qhibidihe, dikgopiso di tle di be ngata dikgorong tsa metse yohle, ha ke romela kgalemelo ya lerumo. Jo! le etseditswe ho hadima, le leoleditswe ho bolaya.


Re tla nyolohela kae? Banababo rona ba re nyahamisitse dipelo, ha ba itse: Ke setjhaba se re fetang ka bongata le ka boemo bo bolelele; ke metse e meholo e haheleditseng ka marako a fihlang lehodimong; re bone bana ba Anake teng.


ba timile matla a mollo, ba phonyohile bohaleng ba lerumo, ba thusitswe dipabong tsa bona, ba entswe dinatla ntweng, ba qhadile makgotla a dira.


E mong wa bahlanka a fetola, a re: Bona, ke bone mora e mong wa Jese wa Bethlehema, ya tsebang ho letsa; hape, ke motho ya matla, ya bohale, motho wa ntwa, ya kelello ditabeng, ya sebopeho se setle, mme Jehova o ho yena.


Ebile Saule o re ho Davida: Bona Merabe, moradi wa ka e moholo, ke tla o nea yena, e be mosadi wa hao; feela, o ipee monna ya matla ho nna, o lwane dintwa tsa Jehova. Athe Saule o ne a re: Letsoho la ka le se ke la eba ho Davida, e mpe e be matsoho a Bafilista a bang ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos