Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 17:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke eletsa ke hona, ke re: Baiseraele bohle ba ke ba phuthelwe ho wena, ho tloha Dane le ho ya fihla Beerseba, ba be ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle, mme le wena o futuhe ka sebele sa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Nna ke o eletsa hore o kgobokanye Baiseraele bohle, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, e be letshwele le lengata jwaloka lehlabathe lebopong la lewatle; ebe wena ka sebele sa hao o a futuha.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 17:11
14 Referencias Cruzadas  

Ke tla atisa ditloholo tsa hao jwaloka lerole la lefatshe, hore ha motho a ka tseba ho bala lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a tsebe ho di bala.


Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.


ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.


Jwale, o phuthe batho ba sa setseng hae, o tle o emise pela motse, o o kene, esere mohlomong, ha motse o kenwa ke nna, lebitso la ka la roriswa ke hona.


Morena a laela Joabe, molaodi wa makgotla, eo a nang le yena, a re: Eya le meloko yohle ya Iseraele, ho qala ka Dane, le ho ya fihla Beerseba, o bale setjhaba, ke tle ke tsebe bongata ba setjhaba.


ha a itse, o tla amoha ntlo ya Saule mmuso, a tiise terone ya Davida Iseraeleng le Juda, ho tloha Dane, le ho ya fihla Beerseba!


Ben-Hadade a romela hape ho yena, a re: Medimo e nketse ka hore le ka hore, ha lerole la Samaria le ka lekana diatla tsa setjhaba kaofela se ntatelang.


Bajuda le Baiseraele ba ne ba le bangata, jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle, ba eja, ba enwa, ba nyakalla.


Jehova o iponahaditse, o lokisitse; o tshwasa ya kgopo ketsong ya diatla tsa hae. (Higgaione. Sela.)


A tswa ka makgotla a wona kaofela, e le batho ba bangata ba ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle ka bongata, ba ena le dipere le makoloi a ntwa a mangatangata.


Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong.


Haele Bafilesta, ba phutheha ho futuhela Iseraele ka dikete tse mashome a mararo tsa makoloi, le kete tse tsheletseng tsa bapalami, le ka setjhaba se ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle. Ba tla, ba emisa Mikmashe, ka botjhabatsatsi ho Bethe-Avene.


Baiseraele bohle, ho qala ka Dane, ho isa Beerseba, ba tseba hobane Samuele o beilwe moporofeta wa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos