Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 17:11 - BIBELE

11 “Nna ke o eletsa hore o kgobokanye Baiseraele bohle, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, e be letshwele le lengata jwaloka lehlabathe lebopong la lewatle; ebe wena ka sebele sa hao o a futuha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke eletsa ke hona, ke re: Baiseraele bohle ba ke ba phuthelwe ho wena, ho tloha Dane le ho ya fihla Beerseba, ba be ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle, mme le wena o futuhe ka sebele sa hao.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 17:11
14 Referencias Cruzadas  

Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme haeba ho na le motho ya ka balang lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a ka di bala.


Yaba Aborahama o tsoha ka madungwadungwana, o nka bohobe, le lekuka la metsi; o di nea Hagare ka ho di bea hodima lehetla la hae, a mo leleka mmoho le moshanyana. Yena a tsamaya, a nna a lelera lehwatateng la Beeresheba.


ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.


Ka baka leo he, kgobokanya bahlabani ba setseng, o tlo etsetsa motse ona thibella, o o hape, esere nna ka o hapa, mme wa reellwa ka nna.”


Kgosi Davida a bua le Joabe, le balaodi ba lebotho ba neng ba ena le yena, a re: “Tsamayang hara merabe yohle ya Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le bale setjhaba, ke tle ke tsebe hore na palo ya sona e kae.”


e leng ho amoha ntlo ya Saule mmuso, le ho bea Iseraele le Juda tlasa terone ya Davida, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba.”


Bene-Hadade a boela a romela molaetsa ho yena, a re: “Ke tla futuhela Samaria ka boiyane ba bahlabani, hoo ha e mong le e mong wa bona a ka ngwatha lefupu la mobu wa teng, o ke ke wa ba lekana. Haeba ke sa etse jwalo, medimo e nketse tjena le tjena, esita le ho fetisa moo.”


Setjhaba sa morabe wa Juda le sa Iseraele se ne se le sengata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Se ne se eja, se enwa, se nyakalla.


Ditjhaba di wetse lemeneng leo di le tjhekileng, maoto a tsona a tshwasitswe ke leraba leo di le tjhehileng.


Bana ba futuha, e le bona le mabotho wohle a bona. E ne e le batho ba bangata, ba jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle; e le letshwele, le dipere, le dikariki tsa ntwa tse ngata.


Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri.


Bafilesita ba kopana ho lwantsha Baiseraele. Ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo, le bapalami ba dipere ba dikete tse tsheletseng. Bahlabani ba ne ba le bangata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Bafilesita ba nyoloha, ba hloma Mikemase, ka botjhabela ho Bete-Afene.


Ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, Baiseraele bohle ba tseba hore Samuele o beilwe hore e be moporofeta wa Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos