Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baahlodi 11:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yaba Jafeta o baleha ke ho tshaba banababo, a ya aha naheng ya Tobe; banna ba lefeela ba phuthehela ho yena, mme ba nna ba futuha le yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Jafeta a baleha, a tloha ho bana babo, a ya aha naheng ya Tobe. Ha a le moo a bokanya banna ba dinokwane, mme ba tsamaya le yena.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 11:3
9 Referencias Cruzadas  

Bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida; yaba bana ba Ammone ba romela ho mema Basiria ba Bethe-Rehobe, le Basiria ba Tsoba, e le batho ba mashome a mabedi a dikete ba maoto, ba morena wa Maaka e le ba sekete se le seng, le ba Tobe e le ba dikete tse leshome le metso e mmedi.


Jwale, bana ba Ammone ba tswa, ba hlopholla ntwa pela kgoro ya motse; Basiria ba Tsoba le ba Rehobe, le ba Tobe, le ba Maaka, ba dula tulong tsa bona naheng.


Empa Bajuda ba sa dumelang ba eba mona, mme ba tla le banna ba bang ba bolotsana, ba thotsweng mapatlelong, ba iketsa sehlopha, ba ferekanya motse; ba patela ntlo ya Jasone, mme ba batla Pauluse le Silase, ho ba isa pela setjhaba.


Mohatsa Gileade o ne a mo tswaletse bara; eitse hobane bara ba mohatsa hae ba hole, ba lelekisa Jafeta, ba re ho yena: O ke ke wa ja lefa la ntlo ya ntata rona, hobane o mora wa mosadi osele.


Ba mo nea ditjhelete tse mashome a supileng tsa ntlo ya Baale-Berithe, mme ka tsona Abimeleke a lefa batho ba lefeela, ba mekgwa e mebe, hore ba tle ba mo latele.


Hape, ha phuthehela ho yena bohle ba ditsietsing, le bohle ba nang le melato, le bohle ba pelo di ngongorehang, ya eba yena mong a bona, ya batla e eba batho ba makgolo a mane.


Kahoo, Davida a tloha, a ena le batho ba makgolo a tsheletseng, a fetela le bona ho Akishe, mora Maoke, morena wa Gathe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos