Ya na ya re mehleng eo, Juda a tloha ho banababo, a fapohela ha monna wa Adullame, ya bitswang Hira.
1 Samuele 22:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Davida o tloha teng, a balehela lehaheng la Adullame; mme banababo le bohle ba ntlo ya ntatae ha ba utlwa, ba theohela teng ho yena. BIBELE Davida a tloha Gate, a balehela lehaheng la Adulame. Ha bana babo, le ba lelapa lohle la ntatae ba utlwela, ba theohela moo ho yena. |
Ya na ya re mehleng eo, Juda a tloha ho banababo, a fapohela ha monna wa Adullame, ya bitswang Hira.
Ba bararo ho bao e leng dihlooho tsa dinatla tse mashome a mararo ba ne ba theohetse ho Davida seqhobong, lehaheng la Adullame; diahelo tsa Bafilesta di ne di hlomilwe kgohlong ya Barefaime.
Ke tla boela ke tlise ya jang lefa la hao, wena moahi wa Maresha (motse wa lefa); bao e leng kganya ya Iseraele ba tla balehela Adullame.
Hobane, bonang, Jehova o ya tswa nqalong ya hae, o tla theoha, a tsamaye hodima diphahameng tsa lefatshe;
kanthebo lefatshe le ne le sa tshwanele ho ba le batho ba jwalo — ba shotile mafeelleng, le dithabeng, le mahaheng, le mekoting ya lefatshe.
Ha ho le jwalo, banna ba Davida ba re ho yena: Bona, ke lona letsatsi leo Jehova a o boleletseng lona, a re: Bona, ke tla neela sera sa hao matsohong a hao. Tloo jwale, o etse ka Saule kamoo o ratang kateng. Ebile Davida o tsoha, a seha moleka wa kobo ya Saule ka senya.