Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 24:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ha ho le jwalo, banna ba Davida ba re ho yena: Bona, ke lona letsatsi leo Jehova a o boleletseng lona, a re: Bona, ke tla neela sera sa hao matsohong a hao. Tloo jwale, o etse ka Saule kamoo o ratang kateng. Ebile Davida o tsoha, a seha moleka wa kobo ya Saule ka senya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Jwale banna ba Davida ba re ho yena: “Lena ke lona letsatsi leo Morena a neng a bue ka lona ho wena, a re: ‘Bona, ke tla neelana ka sera sa hao matsohong a hao, mme o tla iketsetsa borata ka sona.’ ” Yaba Davida o ema ka lenyele, o seha qola ya seaparo sa Saule.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 24:4
13 Referencias Cruzadas  

Ba tlisetsa Davida hlooho ya Ishe-Boshethe Hebrone, ba re ho morena: Ke ena hlooho ya Ishe-Boshethe, mora Saule, eo e neng e le sera ho wena se pheheletseng ho o bolaya; kajeno lena, Jehova o pheteleditse morena, monga ka, ho Saule le ho bana ba hae.


ha ekaba batho ba ntlo ya ka ba ne ba sa bue, ba re: O kae ya sa kang a kgora dijo tafoleng ya hae?


Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka; ke rapela Jehova ka lentswe la ka la thapedisiso.


Nkgauhele, Modimo, o nkgauhele! Hobane moya wa ka o ipatlela setshabelo sa wona ho wena, ke balehela moriting wa mapheo a hao, ditshenyo tsena di be di fete.


Ha a na a sa mo lalle, Modimo o mpa o mo dihile ka letsoho la eo, ke tla o kgethela moo a ka balehelang teng.


Ebile Davida o tloha teng, a balehela lehaheng la Adullame; mme banababo le bohle ba ntlo ya ntatae ha ba utlwa, ba theohela teng ho yena.


a re ho yena: Se tshabe, hobane letsoho la ntate Saule le ke ke la o fihlela; hape o tla ba morena wa Iseraele, nna ke be ya o hlahlamang; le ntate Saule o a tseba hobane ho tla ba jwalo.


Saule ha a tsebiswa hobane Davida o ile Keila, Saule a re: Modimo o mo lahletse matsohong a ka, hobane o thibelletswe ha a kene motseng o nang le mamati le mekwallo.


Bona, kajeno lena mahlo a hao a bone kamoo Jehova a neng a o neetse matsohong a ka kateng, re le lehaheng; ba bang ba itse, ke o bolaye; ka mpa ka o qenehela, ka re: Nke ke ka isa letsoho la ka ho monga ka, hobane ke motlotsuwa wa Jehova.


O bonahiditse kajeno kamoo o nkgauhetseng kateng; kahobane Jehova o ba a nneetse matsohong a hao, mme ha o a ka wa mpolaya.


Jehova a ke a putse e mong le e mong ka toka ya hae le ka bokgabane ba hae, kamoo ke hanneng ho isa letsoho la ka ho motlotsuwa wa Jehova kateng, leha Jehova a ne a o neile matsohong a ka kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos