Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 24:4 - BIBELE

4 Jwale banna ba Davida ba re ho yena: “Lena ke lona letsatsi leo Morena a neng a bue ka lona ho wena, a re: ‘Bona, ke tla neelana ka sera sa hao matsohong a hao, mme o tla iketsetsa borata ka sona.’ ” Yaba Davida o ema ka lenyele, o seha qola ya seaparo sa Saule.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ha ho le jwalo, banna ba Davida ba re ho yena: Bona, ke lona letsatsi leo Jehova a o boleletseng lona, a re: Bona, ke tla neela sera sa hao matsohong a hao. Tloo jwale, o etse ka Saule kamoo o ratang kateng. Ebile Davida o tsoha, a seha moleka wa kobo ya Saule ka senya.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 24:4
13 Referencias Cruzadas  

Yaba ba isa hlooho ya Ishe-Boshete ho Davida a le Heborone, mme ba re ho kgosi: “Bona hlooho ya Ishe-Boshete, mora wa sera sa hao Saule, ya neng a rata ho o bolaya. Kajeno Morena o pheteditse monga ka kgosi ho Saule le ho bana ba hae.”


Na ba lapa la ka ba kile ba re: ‘Ke mang ya sa kang a ja, a kgotsofala?’


Pesalema ya Davida ha a le ka lehaheng. Thothokiso e nang le thuto; thapelo.


Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Davida a neng a etswa lehaheng, a baleha Saule.


Ha a ne a sa mo lalla, a mpa a mmolaile e se ka morero, ke tla o kgethela moo a tla balehela teng.


Davida a tloha Gate, a balehela lehaheng la Adulame. Ha bana babo, le ba lelapa lohle la ntatae ba utlwela, ba theohela moo ho yena.


Jonathane a re ho Davida: “Se tshabe, hobane Saule, e leng ntate, a ke ke a o fumana. O tla ba kgosi ya Iseraele, mme nna ke tla ba letsoho la hao le letona. Le Saule, e leng ntate, o tseba jwalo.”


Saule a tsebiswa hore Davida o fihlile Keila. Yaba Saule o re: “Modimo o neelane ka Davida matsohong a ka, hobane o ikentse lerabeng ka ho kena motseng o nang le dikgoro, le mekwallo.”


Kajeno lena o bone kamoo Morena a neng a neelane ka wena matsohong a ka kateng, ha o le ka lehaheng. Ba bang ba ne ba re ke o bolaye, empa ke ile ka o hauhela, ka re: ‘Nke ke ka isa monga ka letsoho, hobane ke motlotsuwa wa Morena.’


Kajeno lena o mpontshitse kamoo o nketseng hantle kateng, hobane leha Morena a ne a neelane ka nna matsohong a hao, wena ha o a ka wa mpolaya.


Morena o putsa bohle ba lokileng, ba tshepahalang. Kajeno lena Morena o ne a neelane ka wena matsohong a ka, empa ha ke a ka ka phahamisetsa motlotsuwa wa Morena letsoho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos