Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 24:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Kamorao, pelo ya Davida ya hlabeha ka baka la hobane a sehile moleka wa kobo ya Saule.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Kamorao ho mona letswalo la Davida la mo ja, hobane a ne a sehile qola ya seaparo sa Saule.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 24:5
6 Referencias Cruzadas  

O nyediseditseng lentswe la Jehova, ha o entse manyala a kalo pela mahlo a hae? O bolaile Uria Mohethe ka lerumo, o bile o inketse mosadi wa hae, hore e be mosadi wa hao; Uria yena, o mmolaile ka lerumo la bana ba Ammone.


Eitse hobane Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo loma, mme Davida a re ho Jehova: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Oho Jehova, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao jwale; efela ke entse ka bothoto bo boholo.


kahobane pelo ya hao e swabile, wa ba wa ikokobetsa pela Jehova, mohla o utlwang seo ke se boletseng bakeng sa motse ona le bakeng sa ba ahileng teng, ka re, o tla fetoha lesupi le thohako, wa ba wa hahola diaparo tsa hao, wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.


O se ke wa ba bolaya, esere mohlomong setjhaba sa ka sa lebala! ... O ba qhalanye ka matla a hao, o ba dihele, wena, Morena, thebe ya rona!


Abishai a re ho Davida: Kajeno, Modimo o neetse sera sa hao matsohong a hao; jwale, a nke ke mo hlabe ka lerumo, ke mmolaele fatshe hanghang; nke ke ka hlaba habedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos