Jehova a utlwa lentswe la Elia, mme moya wa ngwana wa kgutlela ka ho yena, a boela a phela.
1 Samuele 2:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova o a timetsa, mme o a pholosa, o theosetsa lebitleng, mme o nyolla teng. BIBELE “Morena o a bolaya, o bile o a phedisa; o theolela Nqalong ya bafu, a ba nyolle teng hape. |
Jehova a utlwa lentswe la Elia, mme moya wa ngwana wa kgutlela ka ho yena, a boela a phela.
Eitse hobane morena wa Iseraele a bale lengolo leo, a hahola diaparo tsa hae, a re: Na ke nna Modimo, nka tsebang ho bolaya le ho pholosa, ha eo a rometse ho nna hore ke fodise motho lepera la hae na? Le tsebe kahoo, mme le bone hobane o batla lebaka la phapang le nna.
Ditlamo tsa lefu di na be di nthatetse, ke na be ke tshwerwe ke matswalo a nqalo ya bafu, ka fumana matswalo le hlokofalo.
Wena ya re hlahiseditseng ditsietsi tse ngata tse bohloko, o tla boela o re fe bophelo, o be o re nyolle maleng a lefatshe.
nako e teng ya ho bolaya, e teng nako le ya ho fodisa; nako e teng ya ho qhaqholla, e teng nako le ya ho haha;
Bafu ba hao a ba ke ba boele ba utlwe; ditopo tsa ka a di ke di tsoswe! Tsohang, lona ba robetseng leroleng, le thabe, hobane phoka ya hao ke phoka e medisang, mme lefatshe le tla ntsha bafu ba ho lona.
Ha ho le jwalo, o porofete, o re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla phetla mabitla a lona, ke le nyolle mabitleng a lona, lona setjhaba sa ka, ke le busetse naheng ya Iseraele.
Yaba o re ho nna: Mora motho, na masapo ao a ka tsoha na? Ka re: Morena Jehova, ho tseba wena.
Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Jesu a re ho yena: Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna, leha a shwele, o tla phela.
Tadimang jwale hobane ke nna, e, ke nna feela, mme ha ho modimo o mong, haese nna; ke a bolaya, mme ke a phedisa; ke etsa leqeba, mme ke a le fodisa; ha ho motho ya ka o namolelang letsohong la ka.
Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.
Davida a hlapanya, a eketsa a re: Ntatao o tsebisisa ruri hobane ke bone mohau ho wena; ke moo a itseng: Jonathane a se ke a tseba, esere mohlomong a hlomoha; empa kannete, ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, ke sebakanyana se kang sa ho hata hang feela mahareng a ka le lefu.