La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ha ho ya kgethehileng jwaloka Jehova; ha ho Modimo o mong haese wena; ha ho lefika le kang Modimo wa rona.

Ver Capítulo

BIBELE

“Ha ho ya halalelang jwaloka Morena, hobane ha ho e mong kantle ho wena, ha ho mosireletsi ya kang Modimo wa rona.

Ver Capítulo



1 Samuele 2:2
37 Referencias Cruzadas  

Modimo ke lefika la ka leo ke tshabelang ho lona; ke thebe ya ka, lenaka la poloko ya ka, qhobosheane e phahameng ya ka, le setshabelo sa ka, Mopholosi wa ka ya nnamoletseng bothateng!


Ke mang e leng Modimo, haese Jehova? Lefika ke mang haese Modimo wa rona?


O moholo kannete, Jehova Modimo, etswe ho se ya kang wena, ho se le modimo haese wena, jwalokaha re ikutlwetse ka ditsebe tsa rona.


a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo o kang wena, leha e le hodimo mahodimong, leha e le tlase lefatsheng, o tiisang selekane le mohau ho bahlanka ba hao ba tsamayang pela hao ka pelo tsohle tsa bona.


O rometse setjhaba sa hae poloko, o laetse selekane sa hae, e be se sa feleng. Lebitso la hae le a halalela, mme le a tshabeha.


wena Jehova, lefika la ka, qhobosheane ya ka, monamoledi wa ka, Modimo wa ka, lefika la ka leo ke tshabelang ho lona, thebe ya ka, lenaka la poloko ya ka, le qhobosheane e phahameng ya ka!


Ke mang e leng Modimo, haese Jehova? Lefika ke mang, haese Modimo wa rona?


Ho loka ha hao, Modimo, ho phahamile ho fihla lehodimong. O entse ntho tse kgolo, Modimo; ya ka ka wena ke mang?


O be ho nna lefika leo ke fumanang kaho ho lona, ke tle ke ipalehelle teng kamehla. O laetse hore ke bolokehe, hobane o lefika la ka le qhobosheane ya ka.


Ke na le mang mahodimong haese wena? Kantle ho wena ha ke kgahliswe ke letho lefatsheng.


Hara medimo ha ho o tshwanang le wena, Morena; ha ho letho le ka lekanang le mesebetsi ya hao!


Hobane, phahameng ya mahodimo, ke mang ya ka itekantshang le Jehova? Ke mang ya tshwanang le Jehova hara bara ba Modimo?


Jehova, Modimo wa makgotla, ke mang ya matla jwaloka wena, Jehova? O teetswe hare ke botshepehi ba hao.


A ba ke ba rorise lebitso la hao le leholo, le tshabehang, hobane le a halalela.


Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame pela bonamelo ba maoto a hae, hobane o a halalela.


Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame thabeng ya hae e halalelang; hobane Jehova, Modimo wa rona, o a halalela!


Ke mang ya ka ka wena Jehova, hara medimo? Ke mang ya kganyang ka hlweko jwaloka wena? O tshabeha ka dithoko, o etsa mehlolo.


Modimo le tla o tshwantsha ka mang? Setshwantsho ke sefe seo le ka se bapisang le wona?


Ho itswe ke Jehova, Morena wa Iseraele le Molopolli wa hae, Jehova wa makgotla: Ke nna wa pele le wa morao; haese nna, ha ho Modimo.


Le se ke la tshoha, le se tshabe! Na hase kgale ke o boleletse taba tseo, ka o tsebisa tsona na? Ke lona dipaki tsa ka! Na o teng Modimo, haese nna na? Ha ho lefika le leng; ha ke le tsebe.


Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.


Tsa howeletsana, tsa re: O a halalela, O a halalela, O a halalela, Jehova wa makgotla; lefatshe lohle le tletse kganya ya hae!


Ha ho ya jwaloka wena, Jehova; o moholo, lebitso la hao le leholo ka baka la matla a hao.


hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona; le tshwanetse ho ikgetha, le be le halalele, hobane ke a halalela; ka baka lena, le tse ke la tshela mmele ya lona ditshila ka tse hahabang fatshe.


Hobane ke nna Jehova ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Halalelang ke hona, hobane ke a halalela.


Bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, o re ho bona: Halalelang, hobane ke a halalela, nna Jehova, Modimo wa lona.


Hobane taba tsohle tse ngodilweng pele, di ngodilwe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tshediswa ke Mangolo, re tle re be le tshepo.


Ho lehlohonolo monna eo Morena a sa mmalleng sebe sa hae!


Morena Jehova, o se o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao le letsoho la hao le matla. Hobane modimo ke ofe mahodimong le lefatsheng, o ka etsang mesebetsi le diketso tse phahameng jwaloka tsena tsa hao?


mme o itse: Ke tla ba patela sefahleho sa ka, mme ke tla bona qetello ya bona hore na e tla ba eng? Hobane ke mofuta o kgelohileng, ke bana ba ke keng ba tshepjwa.


Tadimang jwale hobane ke nna, e, ke nna feela, mme ha ho modimo o mong, haese nna; ke a bolaya, mme ke a phedisa; ke etsa leqeba, mme ke a le fodisa; ha ho motho ya ka o namolelang letsohong la ka.


Ke Lefika; mosebetsi wa hae o phethehile, hobane ditsela tsa hae kaofela di lokile: ke Modimo o tshepehang, o se nang bokgopo; o lokile, o kgabane.


Tseo o ile wa di bontshwa hore o tle o tsebe hobane Jehova, ke Modimo, le hobane ha ho o mong kantle ho yena.


Tseba kajeno lena, mme o boloke pelong ya hao hobane Jehova ke Modimo mahodimong a hodimo, le tlase lefatsheng; ha ho o mong kantle ho yena.


kamoo ho ngodilweng kateng, ho thwe: halalelang, hobane ke a halalela.