Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 19:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, o re ho bona: Halalelang, hobane ke a halalela, nna Jehova, Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, o re ho sona: ‘Le halalele, hobane nna, Morena Modimo wa lona, ke a halalela.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 19:2
20 Referencias Cruzadas  

A ba ke ba rorise lebitso la hao le leholo, le tshabehang, hobane le a halalela.


Le tla ba ho nna mmuso wa baprista, le setjhaba se kgethehileng. Ke wona mantswe ao o tlang ho a bolela ho bana ba Iseraele.


Ho nna le tla ba batho ba kgethehileng, mme le se ke la ja nama e harotsweng naheng; le tle le e akgele dintja.


Jehova a boela a bua le Moshe, a re:


Kgethehelang nna, hobane ke kgethehile, nna, Jehova, mme ke le kgaohantse le ditjhaba, le tle le be ba ka.


Le ikgalaletse ke hona, le be le kgethehe, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


A se ke a hlompholla lesika la hae hara setjhaba sa habo; hobane ke nna Jehova ya mo halaletsang.


Feela, a se ke a atamela pela lesira, leha e le pela aletare, hobane o na le sekodi; a se ke a tlotlolla meaho ya ka e halalelang, hobane ke nna Jehova ya e halaletsang.


O tla tadima moprista ka ho re ke motho ya hlalalelang, hobane ke yena ya hlahisang sejo sa Modimo wa hao; ho wena e tla ba motho ya halalelang, hobane le nna ke halalehile, nna Jehova ya le halaletsang.


Na ba babedi ba tla tsamaya hammoho, ba sa dumellana?


Mme jwale, phethehang, jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethehile.


Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.


kamoo o re kgethetseng ho yena kateng, ha o ne o eso ho thee lefatshe, hore re tle re halalele, mme re hloke sekodi pela wona.


Utlwa ke hona lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o boloke ditaelo tsa hae le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno.


Ebile Joshua o re ho setjhaba: Le tla sitwa ho sebeletsa Jehova, kahobane ke Modimo o halalelang, ke Modimo o boulelang, o ke keng wa le lesella ditlolo tsa lona le dibe tsa lona.


Ha ho ya kgethehileng jwaloka Jehova; ha ho Modimo o mong haese wena; ha ho lefika le kang Modimo wa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos