1 Bakorinthe 7:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ka baka la ho tshaba bofebe, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae. BIBELE Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae. Baasraak Sotho NT Leha ho le joalo, ka lebaka la bohlola, monna e mong le e mong a be le mosali oa hae, le mosali e mong le e mong a be le monna oa hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha ho le joalo, ka lebaka la bohlola, monna e mong le e mong a be le mosali oa hae, le mosali e mong le e mong a be le monna oa hae. |
Mme le re: Ke ka baka lang? Ke kahobane Jehova ke paki mahareng a hao le mosadi wa botjha ba hao, eo o entseng ho yena ka bolotsana, athe ke molekane wa hao le mosadi wa selekane sa hao.
Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, o mmea hore a fetohe mofebi; mme e mong le e mong ya nyalang mosadi ya hladilweng, o a feba.
Tshabang bofebe; sebe se seng le se seng se ka etswang ke motho, se kantle ho mmele wa hae; empa ya febang o sitelwa mmele wa hae.
Jwale, haele ka taba tseo le nngoletseng tsona, nka re: Ho ka ba molemo ho monna ha a sa ame mosadi.
Empa ekare ha ba sitwa ho itshwara, ba nyale; hobane haele ho nyala, e le ho tjha, ho molemo ke ho nyala.
Ke ka mokgwa o jwalo le bona banna ba tshwanetseng ho rata basadi ba bona jwaloka mmele wa bona. Ya ratang mosadi wa hae, eba o a ithata.
Leha ho le jwalo, e mong le e mong ho lona a fele a rate mosadi wa hae jwalokaha a ithata, mme mosadi yena a hlomphe monna wa hae.
le hore e mong le e mong ho lona a tsebe ho bolokela pitsa ya hae kgalalelong le hlonephong,
ba tlang ho hana ha batho ba nyala, ba tla re, ho tshajwe dijo tseo Modimo o di bopileng hore ba dumetseng, ba tsebang nnete, ba di amohele ka teboho.
Etlare ha bontata bona, kapa kgaitsedi tsa bona, ba tla ho le qosa pela rona, re tla re ho bona: Le ba hauhele bakeng sa rona, hobane ha re a ka ra ba hapela bohle basadi ntweng; haele lona, kamoo le sa kang la ba neela baradi ba lona kateng, ha le na molato.