Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 6:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Tshabang bofebe; sebe se seng le se seng se ka etswang ke motho, se kantle ho mmele wa hae; empa ya febang o sitelwa mmele wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Furallang bohlola! Dibe tse ding tsohle tseo motho a di etsang ha di ame mmele wa hae, empa ya etsang bohlola o sitelwa mmele wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Balehelang bohlola. Sebe se seng le se seng seo motho a se etsang se kantle ho mmele wa hae; empa ya etsang bohlola o sitelwa mmele wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Balehelang bohlola. Sebe se seng le se seng seo motho a se etsang se kantle ho mmele wa hae; empa ya etsang bohlola o sitelwa mmele wa hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 6:18
19 Referencias Cruzadas  

Ekare ha mosadi a kopana jwalo le monna, ba tla itlhatswa metsing ba babedi, ba be sesila ho isa mantsiboya.


Ka baka leo, Modimo o ba lesitse ho sebetsa ditshila, ditakatsong tsa dipelo tsa bona, ba tle ba tlotlollane mmele ya bona;


Ana ha le tsebe hoba bakgopo ha ba ka ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo na?


Mme jwale, ha ke boela ho lona, mohlomong Modimo wa ka o tla nkokobetsa ka lona, mme ke tla hlomoha ka ba bangata ba sitilweng pele, ba sa kang ba baka ditshileng, le bofebeng, le bohloleng boo ba bo entseng.


Mme mesebetsi ya nama e pepeneneng: Ke ho feba, le ho boka, ke bonyala, le bootswa;


Empa haele bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le mabitso a tsona hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;


Le bolaye ke hona ditho tsa lona tse leng lefatsheng, ke ho re, bofebe, le ditshila, le maikutlo a mabe, le ditakatso tse mpe, le takatso ya moruo, e leng ho sebeletsa modimo wa bohata.


Hobane ho rata ha Modimo ke hore le halalele, le hore le tshabe bofebe,


e seng ditakatsong tse mpe, jwaloka bahetene ba sa tsebeng Modimo.


O ke o balehele ditakatso tsa botjha, mme o phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.


Lenyalo a le ke le hlomphehe hara batho bohle, le diphate di hloke ditshila; hobane Modimo o tla ahlola baboki le bafebi.


Baratuwa, ke a le kgothatsa jwalokaha le le basele le baeti, ke re: Tshabang ditakatso tsa nama, tse lwantshang moya;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos