Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 7:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Empa ekare ha ba sitwa ho itshwara, ba nyale; hobane haele ho nyala, e le ho tjha, ho molemo ke ho nyala.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Empa haeba ba sitwa ho itshwara, ba mpe ba nyale, hobane ho molemo ho nyala ho ena le ho tjheswa ke takatso.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Empa ha ba sa kgone ho itshwara, a ba nyale; hobane ho molemo ho nyala ho ena le ho tjha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Empa ha ba sa kgone ho itshwara, a ba nyale; hobane ho molemo ho nyala ho ena le ho tjha.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 7:9
8 Referencias Cruzadas  

Haele mona ditaba tseo di se na ho latolwa, e ka kgona le kgutse lerata, mme le se ke la etsa letho ka potlako.


Empa ka baka la ho tshaba bofebe, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.


Empa ekare ha o nyala, ha o etse sebe; le morwetsana ha a nyalwa, ha a etse sebe; empa ba jwalo ba tla ba le matshwenyeho nameng, mme nna ke a le qenehela.


Empa ekare ha motho a lekanya hobane e ka ba ntho e dihlong ho moradi wa hae ha a ka feta palesa ya botjha ba hae a eso ho nyalwe, mme a tshwanetse ho nyalwa, a etse seo a se ratang; ha a etse sebe; ha ba ke ba nyalwe.


Mosadi o tlameletswe ho monna wa hae ke molao mehleng yohle eo monna wa hae a phelang ka yona; empa ekare ha monna wa hae a shwele, eba o lokolotswe, a ka nyalana le eo a mo ratang, e mpe e be Moreneng.


le hore e mong le e mong ho lona a tsebe ho bolokela pitsa ya hae kgalalelong le hlonephong,


Empa o hane bahlolohadi ba batjha; hobane ditakatso ha di ba ngadisa Kreste, ba be ba rate ho nyalwa,


Ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba dise matlo a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka le se senyenyane sa ho seba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos