Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 7:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Haele ba seng ba nyetse, ke a ba laela, e seng nna, empa e le Morena, ke re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ha e le ba seng ba nyalane, ke ba nea taelo ena. Ha e tswe ho nna, empa e tswa ho Morena. Ke re: Mosadi a se ke a hlala monna wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Ho ba nyetseng ke ba laela, e seng nna, empa e le Morena, ke re: Mosadi a se ke a hlala monna wa hae;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ho ba nyetseng ke ba laela, e seng nna, empa e le Morena, ke re: Mosadi a se ke a hlala monna wa hae;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 7:10
13 Referencias Cruzadas  

Ruri, jwaloka mosadi ya jang molekane wa hae ka diteme, le ntjele jwalo ka diteme, lona, ntlo ya Iseraele, ho bolela Jehova.


Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, o mmea hore a fetohe mofebi; mme e mong le e mong ya nyalang mosadi ya hladilweng, o a feba.


Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa, ka ho mo leka, hore na monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae.


E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o a feba, mme e mong le e mong ya nyalang ya hladilweng ke monna wa hae, o a feba.


Mosadi a se ke a hlala monna wa hae — leha mosadi a se a mo hladile, a itulele a se ke a nyalwa; kapa a boelane le monna wa hae — le yena monna a se ke a hlala mosadi wa hae.


Haele ba bang, ke a ba bolella, nna, e seng Morena, ke re: Moena e mong, ekare ha a ena le mosadi ya sa dumelang, a se ke a mo hlala, ha mosadi a ratile ho dula le yena.


Empa ekare ha ya sa dumelang a hlala ya dumetseng, a mo hlale; moena rona wa monna, kapa wa mosadi, ha a tlangwa ditabeng tse jwalo; empa Modimo o re bileditse ho tsa kgotso.


Jwale, haele ka taba ya barwetsana, teng ha ke na molao wa Morena; ke mpa ke hlahisa molomo wa ka, kamoo ke leng motho ya hauhetsweng ke Morena kateng, hore ke tshepehe.


Leha ho le jwalo, molomo wa ka, ke re: Ha a ka itulela feela, a ka iketla ka ho fetisisa: mme ke lekanya hoba le nna ke na le Moya wa Modimo.


Ke rialo ka ho le qenehela, e seng ka taelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos