Mosebi ya tsamayang a seba, o phunya makunutu; ha ho le jwalo, tshaba ho tlwaelana le ya ntseng a ahlamisa melomo ya hae.
1 Bakorinthe 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme polelo tsa ka le thuto ya ka ha e a ka ya eba dipolelo tse kgodisang tsa bohlale ba motho, ya mpa ya eba ponahatso ya Moya le ya matla; BIBELE Puo ya ka le molaetsa wa ka ha di a ka tsa bolelwa ka mantswe a hapang, a bohlale ba motho, empa e ne e le ka matla a kgodisang a Moya o Halalelang. Baasraak Sotho NT Polelo ya ka le thero ya ka ha e a ka ya eba ka dipolelo tse hodisang tsa bohlale ba batho, empa e le ka pontsho ya Moya le ya matla. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Polelo ya ka le thero ya ka ha e a ka ya eba ka dipolelo tse hodisang tsa bohlale ba batho, empa e le ka pontsho ya Moya le ya matla. |
Mosebi ya tsamayang a seba, o phunya makunutu; ha ho le jwalo, tshaba ho tlwaelana le ya ntseng a ahlamisa melomo ya hae.
Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.
Ba nang le dipono tsa lefeela le bonohe ba bohata, ba re: Ho itswe ke Jehova! athe Jehova ha a ba roma, mme ba tshepile hoba o tla tiisa mantswe a bona.
Jwale, Modimo wa tshepo o le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso yohle tumelong, tshepo ya lona e tle e ekeletswe ka matla a Moya o Halalelang.
ka matla a mehlolo le a meeka, le ka matla a Moya wa Modimo; ke bile ka hasa Evangeli ya Kreste, ho qala ka Jerusalema le mathoko a yona ho ya qetella ka Iliria.
Hobane batho ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Jesu Kreste, ba mpa ba sebeletsa dimpa tsa bona feela, mme ba kgelosa dipelo tsa ba se nang molato ka dipolelo tse kgahlehang le ka tse tjhatjhehisang.
Hobane Kreste ha a ka a nthoma hore ke kolobetse, empa e le hore ke bolele Evangeli, e seng ka bohlale ba dipolelo, sefapano sa Kreste se tle se se ke sa etswa lefeela.
Haele nna, banabeso, mohla ke fihlang hara lona, ha ke a ka ka fihla ke le tsebisa bopaki ba Modimo ka dipolelo tse phahamileng, leha e le tsa bohlale.
Mme re di bolela, e seng ka dipolelo tse rutwang ke bohlale ba batho, empa e le ka tse rutwang ke Moya o Halalelang; mme re lokisetsa ba moya tsa Moya.
ka ho hlweka, ka tsebo, ka sebete, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boiketsiso,
Hobane, hleka ke re, ke emelwe ke batho, kapa ke Modimo na? Mohlomong, na ho ka thwe, ke rata ho kgahlisa batho? Athe hoja ebe ke sa rata ho kgahlisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.
Ke le bolella hona hore motho a se ke a le thetsa ka dipolelo tseo e kang di na le ho tshepeha.
Hobane Evangeli ya rona ha e a ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa e tlile le ka matla, ka Moya o Halalelang, le ka kgodiso e kgolo, jwalokaha le tseba seo re bileng sona ha heno, ka baka la lona.
Mme ba senoletswe hoba e ne e se ka baka la bona, empa e le ka baka la lona, ba neng ba beilwe basebetsi ba tseo le di behetsweng jwaloka ba le boleletseng Evangeli, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong, e leng tseo mangeloi a lakatsang haholo ho nyarela hara tsona.
Hobane hase ka ho ya ka ditshomo tse entsweng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena wa rona; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rona.
Hobane ka ho bolela ditaba tsa boikgantsho le tsa lefeela, ba tjhatjhehisa ka ditakatso tsa nama le ka bohlola batho ba sa tswa furalla ba itsamaelang leshanong;
Eitse ka la bosupa, ba re ho mosadi wa Samsone: Qeka monna wa hao, hore a re hlalosetse selotho; ha ho se jwalo, re tla o tjhesa, wena le ntlo ya ntatao. Hleka le re bileditse kwano hore le re tlatlape tsa rona, kapa ha ho jwalo na?
Marena a Bafilesta a nyolohela ho yena, a re ho yena: Mo qeke, o be o tsebe hore na matla a hae a maholo a tswa kae, le kamoo re ka tsebang ho mo hlola kateng, re tle re mo tlame, re mo kokobetse; e mong le e mong wa rona re tla o nea dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo.