Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Bagalata 1:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane, hleka ke re, ke emelwe ke batho, kapa ke Modimo na? Mohlomong, na ho ka thwe, ke rata ho kgahlisa batho? Athe hoja ebe ke sa rata ho kgahlisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Na ebe ke rialo ho kgahlisa batho kapa Modimo? Na ebe ke batla ho thabisa batho? Hoja ke sa ntsane ke thabisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Hobane na jwale ke qosa batho, kapa Modimo? Kapa ke batla ho kgahlisa batho na? gobane ge nkabe ke sa kgahliša batho, nkabe ke se mohlanka wa Kriste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Hobane na jwale ke qosa batho, kapa Modimo? Kapa ke batla ho kgahlisa batho na? gobane ge nkabe ke sa kgahliša batho, nkabe ke se mohlanka wa Kriste.

Ver Capítulo Copiar




Bagalata 1:10
20 Referencias Cruzadas  

Ba roma ho yena barutuwa ba bona le Baheroda, ba ya re: Moruti, re a tseba hobane o wa nnete, le hoba o ruta tsela ya Modimo ka nnete, le hoba ha o re letho ka motho; hobane tshobotsi ya motho ha e tadingwe ke wena.


Mme leha mmusisi a utlwa taba eo, ke rona re tla mo kgodisa, re le sireletse.


Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.


Heroda o ne a halefetse Batire le Basidone. Empa ba tla ho yena ba le lentswe le le leng, mme yare ha ba itlholetse Blaste, qhoku ya morena, ba kopa kgotso, kahobane naha ya bona e ne e sela ho ya morena.


Empa Petrose le baapostola ba bang ba araba, ba re: E ka kgona re utlwe Modimo ho ena le batho.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Jesu Kreste, ya bitsitsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


empa Mojuda ke eo e leng yena kahare, mme lebollo ke la pelo, le etswang ke Moya, e seng ke letere: Mojuda eo, poko ya hae ha e tswe ho batho, empa e tswa ho Modimo.


empa ba ngangellang, ba sa utlweng nnete, ba utlwang ho sa lokang, o ba nee kgalefo le bohale.


jwalokaha le nna ke kgahlisa bohle nthong tsohle, ke sa ipatlele se tshwanelang nna feela, ke mpa ke batla se tshwanelang ba bangata, ba tle ba bolokehe.


Hleka le jwale le re, re sa ntse re itlhatswa ho lona na? Tjhe, re bua pela Modimo, re le ho Kreste; mme ka tsohle tseo, baratuwa, re le batlela kgahiso.


Le se ke la ba sebeletsa feela ha ba le tadimile, jwaloka hoja le rata ho kgahlisa batho; le mpe le etse ho rata ha Modimo, ka pelo ka ho re, le bahlanka ba Kreste;


Re le Pauluse le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, re ngolla bahalaledi bohle ba Filipi ba leng ho Jesu Kreste, le balebedi, le bahlanka ba kereke, re re:


Bahlanka, utlwang nthong tsohle bao e leng benghadi ba lona ka nama, le se ke la ba sebeletsa feela ha ba le tadimile, jwaloka hoja le rata ho kgahlisa batho, e mpe e be ka pelo e kgabane, ka ho tshaba Modimo.


Empa jwalokaha Modimo o re bone re le ba tshwanelwang ke ho abelwa tshebetso ya Evangeli, re bua jwalo, e seng hore re kgahlise batho, e le hore re mpe re kgahlise Modimo o lekolang dipelo tsa rona.


Banna le basadi ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatshe ke ho lwantsha Modimo na? Efela ya phehellang ho iketsa motswalle wa lefatshe o ipea sera ho Modimo.


E mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe, kahobane peo ya wona e dutse ho yena; mme o sitwa ho etsa sebe, kahobane o tswetswe ke Modimo.


Tsatsing leo, e mong wa bahlanka ba Saule o ne a le teng a thibetswe pela Jehova, bitso la hae e le Doege, Moedomo, e le moholo wa badisa ba Saule.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos