Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Hobane Kreste ha a ka a nthoma hore ke kolobetse, empa e le hore ke bolele Evangeli, e seng ka bohlale ba dipolelo, sefapano sa Kreste se tle se se ke sa etswa lefeela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Kreste ha a ya nthomela ho kolobetsa, empa ho bolela molaetsa o molemo, e seng ka bokgeleke, esere sefapano sa Kreste sa fetolwa lefeela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Hobane Kreste ha a ka a nthomela ho kolobetsa, empa o nthomile ho bolela Evangeli, e seng ka bohlale ba dipolelo, e le hore sefapano sa Kreste se tle se senngwe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Hobane Kreste ha a ka a nthomela ho kolobetsa, empa o nthomile ho bolela Evangeli, e seng ka bohlale ba dipolelo, e le hore sefapano sa Kreste se tle se senngwe.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:17
13 Referencias Cruzadas  

Eitse ha Morena a tseba hobane bafarisi ba utlwile ha ho thwe: Jesu o fetisa Johanne ka ho etsa barutuwa le ka ho kolobetsa, —


leha e ne e se yena Jesu ya kolobetsang, empa e le barutuwa ba hae, —


Jwale, a laela hore ba kolobetswe ka lebitso la Morena. Yaba ba mo rapela, ba re, a ke a hlole le bona matsatsi a mang.


Haele nna, banabeso, mohla ke fihlang hara lona, ha ke a ka ka fihla ke le tsebisa bopaki ba Modimo ka dipolelo tse phahamileng, leha e le tsa bohlale.


Mme re di bolela, e seng ka dipolelo tse rutwang ke bohlale ba batho, empa e le ka tse rutwang ke Moya o Halalelang; mme re lokisetsa ba moya tsa Moya.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Hobane ba bang ba re: Mangolo a hae wona a boima, a matla, empa sebopeho sa mmele wa hae ke se fokolang, le puo ya hae ke e nyatsehang.


Ekare ha ke le sethoto ka puo, ka tsebo ha ke sona; empa re itsebahaditse hara lona ka nqa tsohle le ka ntho tsohle.


Empa re lahlile dintho tse patwang tse dihlong; mme ha re tsamaye ka mano, ha re tswakanye lentswe la Modimo, empa ka ho hlahisa nnete, re iketsetsa kemelo matswalong a batho bohle pela Modimo.


Hobane hase ka ho ya ka ditshomo tse entsweng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena wa rona; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos