Lefatshe la hlahisa jwang, le dimela tse behang peo ka mefuta ya tsona, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya tsona, mme Modimo wa bona hoba ho molemo.
1 Bakorinthe 2:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ke mang ya tsebileng kgopolo ya Morena a tle a mo rute? Empa rona, re tsebile kgopolo ya Kreste. BIBELE “Ke mang ya tsebang mehopolo ya Morena? Ke mang ya ka mo rutang?” Ha e le rona re na le maikutlo a Kreste. Baasraak Sotho NT Hobane ke mang ya tsebileng mohopolo wa Morena, hore a tle a mo rute? Empa rona re na le kelello ya Kreste. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ke mang ya tsebileng mohopolo wa Morena, hore a tle a mo rute? Empa rona re na le kelello ya Kreste. |
Lefatshe la hlahisa jwang, le dimela tse behang peo ka mefuta ya tsona, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya tsona, mme Modimo wa bona hoba ho molemo.
Na motho a ka etsetsa Modimo molemo ka ntho e nngwe na? Tjhe, le ho leka; motho ya bohlale o molemo ho yena a nnotshi.
Na modumadumi o sa tseka le Ya matla wohle na? Ya pheileng kgang le Modimo a ke a arabe jwale!
Hobane ke mang ya kileng a ema morerong wa Jehova, mme a bona, a utlwa lentswe la hae? Ke mang ya kileng a ela lentswe la hae hloko, mme a le utlwa?
Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etswang ke morena wa hae; ke le bitsitse metswalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.
Hobane e mong o newa ke Moya puo ya bohlale; e mong o newa puo ya tsebo ke Moya wona oo.