Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 2:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Empa motho wa moya o ahlola tsohle, mme ha a ahlolwe ke motho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Motho ya nang le Moya o Halalelang o hlalohanya tsohle, athe yena ha ho ya ka mo ahlolang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Empa motho wa moya o ahlola tsohle, empa yena ha a ahlolwe ke motho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Empa motho wa moya o ahlola tsohle, empa yena ha a ahlolwe ke motho.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 2:15
21 Referencias Cruzadas  

Lekgabunyane la hao le itse: Lentswe la morena, monga ka, e be le tshedisang; hobane morena, monga ka, o jwaloka lengeloi la Modimo, ho lemoha botle le bobe. Jehova, Modimo wa hao, a ke a be le wena.


Lekunutu la Jehova ke la ba mo tshabang, o ba ruta selekane sa hae.


Ba babe ha ba utlwisise se lokileng; empa ba batlang Jehova ba utlwisisa ditaba tsohle.


Ya bolokang taelo a ke ke a bona tsietsi; mme pelo ya ya bohlale e tla tseba nako le kahlolo.


Ekare ha motho a rata ho etsa thato ya hae, o tla tseba thuto hore na e tswa ho Modimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka.


Pauluse a rata hoba a tsamaye le yena, a ba a mo nka, a mmolotsa ka baka la Bajuda ba neng ba le teng naheng tseo; hobane ba ne ba tseba kaofela hore ntatae ke Mogerike.


Ekare ha motho a itekanya hoba ke moporofeta, kapa motho ya nang le moya, a ke a tsebe hoba ditaba tseo ke le ngollang tsona, ke melao ya Morena.


Haele nna, banabeso, ke sitilwe ho bua le lona jwaloka hoja le le baho ba moya, ke buile jwaloka hoja le le ba nama, leha e le masea ho Kreste.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.


le tle le tsebe ho lemoha ditaba tse fetisang ka molemo, le nne le hlweke, mme le se ke la kgoptjwa, letsatsi la Kreste le be le tjhabe;


Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang hoo, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopela hore le tlale tsebo ya thato ya wona, ka bohlale bohle, le kelello yohle ya Moya;


Lekang tsohle; le tiise tse molemo.


empa dijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao dikelello tsa bona di lemaletseng ho kgetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebediswa hona.


Haele lona, le amohetse tlholo ho Ya halalelang, mme le tseba tsohle.


Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya, hore na ke e tswang ho Modimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatsheng ba le bangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos