A re theoheng he, re ferekanye puo ya bona hona teng, hore e mong a se ke a utlwa puo ya e mong.
1 Bakorinthe 14:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Efela haele ya buang ka puo, ha a bue le batho, o bua le Modimo feela, hobane ha ho ya mo utlwang, mme o bolela disatsejweng ka moya. BIBELE Motho ya buang ka leleme lesele ha a bue le batho, o bua le Modimo, hobane ha ho ya mo utlwisisang. O bolela diphiri ka Moya o Halalelang. Baasraak Sotho NT Hobane ya buang ka leleme lesele ha a bue le batho, empa o bua le Modimo; athe ka moya o bolela diphiri. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ya buang ka leleme lesele ha a bue le batho, empa o bua le Modimo; athe ka moya o bolela diphiri. |
A re theoheng he, re ferekanye puo ya bona hona teng, hore e mong a se ke a utlwa puo ya e mong.
Empa ba ne ba sa tsebe hobane Josefa o a ba utlwa; hobane o ne a buisana le bona ka motoloki.
Ebile Eliakime, mora Hilkia, le Shebna le Jowa ba re ho Rabshake: O ke o bue le rona bahlanka ba hao ka Sesiria, hobane re a se utlwa; o se ke wa bua le rona ka Sejuda, tsebeng tsa batho ba hodima lerako.
Ke ahlamisa molomo wa ka ho hlahisa dipolelo tsa dikelello le ho bolela dithuto tsa kgale.
A ba araba, a re: Ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.
Mehlolo e tla tsamaya le ba dumetseng ke yona ena: ba tla leleka batemona ka lebitso la ka; ba tla bua dipuo tse ntjha;
Yaba o re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo, athe ho bao ba kantle tsohle di etswa ka ditshwantsho;
Yare ha Pauluse a ba beile matsoho, Moya o Halalelang wa tla hodima bona, ba bua dipuo, mme ba porofeta.
Jwale, ba nang le nna le bona ba kile ba bona lesedi, mme ba le tshoha, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la ya buang le nna.
Jwale, ho ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le polelong ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se kwahetswe mehleng ya boholoholo,
E mong o newa tshebetso ya mehlolo, e mong boporofeta, e mong temoho ya meya, e mong dipuo tse mefuta, e mong phetolo ya dipuo.
Mme bao Modimo o ba beileng kerekeng, pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba ba mehlolo, le dineo tsa phodiso, le ditshebeletso, le ditsamaiso, le mefuta ya dipuo.
Leha nka bua dipuo tsa batho le tsa mangeloi, ha ke se na lerato, ke jwaloka koporo e llang, leha e le simbala e modumo o moholo.
Mme leha nka ba le neo ya boporofeta, kapa leha nka tseba diphiri tsohle le bohlale bohle, leha nka ba le tumelo yohle, ka ba ka falatsa le dithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho.
Ha ho se jwalo, ekare ha o leboha ka moya, ana ya dutseng setulong sa ya sa tsebeng a ka tiisa jwang teboho ya hao ka amen ya hae, haele mona a sa tsebe seo o se bolelang?
Ana ke re, ho be jwang, banabeso? Ke re: Kamehla yohle ha le phutheha, e mong le e mong ho lona o na le pesaleme, leha e le thuto, kapa puo, leha e le tshenolo, leha e le phetolo; tsohle di etsetswe kgahiso.
Empa Modimo o di senoletse rona ka Moya wa wona, hobane Moya o batlisisa tsohle, le tse tebileng tsa Modimo.
empa re bolela bohlale ba Modimo, e leng sephiri, bohlale bo patilweng, boo Modimo o bo lokisitseng pele, dilemo di eso ka di eba teng, e be tlotliso ya rona;
Le nna le nthapelle, hore ke newe ho bua phatlalatsa, ke tle ke tsebise batho sephiri sa Evangeli,
Jehova o tla lata setjhaba se hole se qetellong ya lefatshe, se lebelo jwaloka ntsu e fofang, ho tla o lwantsha, setjhaba seo o ke keng wa utlwa puo ya sona,
dipolelo tsa bona di tle di tshediswe, mme ha ba tlamahanngwa hammoho ka lerato, ba fihlele monono wohle wa kelello e tletseng, ba tle ba utlwisise sephiri sa Modimo e leng Kreste,
Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.
empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha terompeta ya lona e tla lla, ke moo sephiri sa Modimo se tla phetheha, kamoo o boleletseng bahlanka ba wona, baporofeta kateng.