Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 15:51 - Sesotho 1909/1961 (SO)

51 Bonang, ke le bolella sephiri: ha re ka ke ra robala bohle, empa re tla fetoha bohle,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

51 Mamelang, ke le bolelle sephiri: Ha re na ho shwa kaofela, empa kaofela re tla fetoha,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

51 Bonang, ke le bolella sephiri; Re ke ke ra robala bohle, empa re tla fetoha bohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

51 Bonang, ke le bolella sephiri; Re ke ke ra robala bohle, empa re tla fetoha bohle.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 15:51
13 Referencias Cruzadas  

Mme leha nka ba le neo ya boporofeta, kapa leha nka tseba diphiri tsohle le bohlale bohle, leha nka ba le tumelo yohle, ka ba ka falatsa le dithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho.


Ha ho le jwalo, ekaba le ba ithobaletseng ho Kreste ba timetse.


Tjhe, empa Kreste o tsohile bafung, mme o beilwe thakangwaha ya ba robetseng.


Hamorao a bonwa ka nako e le nngwe ke baena ba fetisang makgolo a mahlano; ba bangata ho bona ba sa le teng, mme ba bang ba se ba shwele.


empa re bolela bohlale ba Modimo, e leng sephiri, bohlale bo patilweng, boo Modimo o bo lokisitseng pele, dilemo di eso ka di eba teng, e be tlotliso ya rona;


Ha ho le jwalo, motho ka mong a ke a re tsebe hoba re bahlanka ba Kreste, le diabi tsa diphiri tsa Modimo.


Ha re sa ntse re le motlotlwaneng wona, re hema ke ho lakatsa haholo ho apara ntlo ya rona ya lehodimo;


Hobane rona, ba motlotlwaneng ona, re hemiswa ke ho imelwa; kahobane ha re rate ho hlobola, empa e le ho apara wa lehodimo hodima wona, se shwang se tle se monngwe ke bophelo.


wa re tsebisa sephiri sa thato ya wona ka boithatelo ba wona, kamoo o neng o itherele kateng;


Sephiri seo ke se tsebisitswe ka tshenolo, jwalokaha ke sa tswa le ngolla ka mantswe a se makae;


Sephiri sena se seholo; empa ke bua ke ntse ke lekanya Kreste le kereke.


ya tlang ho fetola mmele ya rona e nyatsehang, ho e etsa sebopeho se le seng le mmele wa hae o kganyang, ka tshebetso eo a ka tsebang ka yona le ho ipeela dintho tsohle katlasa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos