Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 11:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A re theoheng he, re ferekanye puo ya bona hona teng, hore e mong a se ke a utlwa puo ya e mong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 A re theoheleng fatshe he, re ferekanye puo ya bona, ba se ke ba utlwana ha ba bua.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 11:7
20 Referencias Cruzadas  

Modimo wa ntoo re: A re etseng motho ka setshwantsho sa rona le ka ho tshwana ha rona, mme a buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le makgomo, le lefatshe lohle, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng.


Ke bona bao bara ba Kama, ka mefuta ya bona, ka dipuo tsa bona, ka mafatshe a bona, ka ditjhaba tsa bona.


Ke yona eo mefuta ya bara ba nowe, ka meloko ya bona, le ka ditjhaba tsa bona, mme ditjhaba tse sabaletseng lefatsheng kamora morwallo di tswile ho bona.


Dihlekehleke tsa ditjhaba di ne di arohane ka mafatshe a tsona ke batho bao, mong le mong ka puo ya hae, ka mefuta ya bona, le ka ditjhaba tsa bona.


Yaba Jehova o theoha ho tla bona motse le tora e hahuwang ke bana ba batho.


Yaba Jehova Modimo o re: Bonang, motho o fetohile a be jwaloka e mong wa rona, o tseba botle le bobe; mme jwale, a se ke a isa letsoho la hae, a nka le ditholwana tsa sefate sa bophelo, a di ja, mme a phela kamehla.


Empa ba ne ba sa tsebe hobane Josefa o a ba utlwa; hobane o ne a buisana le bona ka motoloki.


ba tsebang ho bua o ba hlokisa ditaba, o amoha baholo kahlolo;


Ya dutseng mahodimong o a ba tseha, Jehova o soma ka bona,


Jehova o etsa merero ya batho ntho feela; o tshwephola mehopolo ya ditjhaba.


A ba ke ba fele, Morena; o sitise dipuo tsa bona; hobane ke bone sehloho le diphapang motseng.


Yaba Jehova o re ho yena: Ke mang ya etseditseng motho molomo, kapa ke mang ya etsang motho semumu, kapa ya tsebetutu, kapa ya bonang, kapa ya sefofu? Na hase nna Jehova na?


Ha o sa tla hlola o bona setjhaba se thata, setjhaba se puo e sa utlwahaleng, se puo e kokotletsang, eo motho a ke keng a e utlwisisa.


Ka ntoo utlwa lentswe la Morena, le re: Ke tla roma mang? Ho tla ya mang bakeng sa rona? Mme ka re: Ke nna enwa, roma nna!


Bonang, lona ntlo ya Iseraele, ke ya le tlisetsa setjhaba se hole, ho bolela Jehova, setjhaba se matla, setjhaba sa kgale, seo o sa utlweng puo ya sona, o sa utlweng seo se se bolelang.


Ekare ha kereke yohle e phuthehela nqalong e le nngwe, mme bohle ba bua ka dipuo, leha ho ka kena batho ba sa tsebeng, leha e le ba sa dumelang, na ba ke ke ba re, le a hlanya na?


Jehova o tla lata setjhaba se hole se qetellong ya lefatshe, se lebelo jwaloka ntsu e fofang, ho tla o lwantsha, setjhaba seo o ke keng wa utlwa puo ya sona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos