Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 11:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jehova a re: Bonang, ke setjhaba se le seng, puo ya bona kaofela e nngwe feela, mme haele mona ba qadile ho sebetsa, ha ba sa na ho thibelwa hore ba se ke ba phetha tsohle tseo ba di rerileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Yaba Morena o re: “Bonang, kaofela ha bona ke setjhaba se le seng, ba bua puo e le nngwe. Hona ke qaleho feela ya mosebetsi wa bona, mme ha ho letho le tla ba thibela morerong oo ba hopotseng ho o etsa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 11:6
12 Referencias Cruzadas  

Lefatshe lohle le ne le na le puo e le nngwe le mantswe a le mang.


Yaba Jehova Modimo o re: Bonang, motho o fetohile a be jwaloka e mong wa rona, o tseba botle le bobe; mme jwale, a se ke a isa letsoho la hae, a nka le ditholwana tsa sefate sa bophelo, a di ja, mme a phela kamehla.


Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatsheng, le hoba mmopo wa mehopolo yohle ya dipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi wohle.


Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.


Ke bona bara ba bararo ba Nowe bao lefatshe le tletseng batho ka bona.


Motshehare o moholo, Elia a ba soma, a re: Howeletsang haholo; hobane ke modimo; ekaba o imametse, kapa o ile nqa e nngwe, kapa o etile, kapa o robetse, o tshwanetse ho tsoswa.


Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao;


Hape, ke ne ke le time dipula, ho sa setse dikgwedi tse tharo pele ho kotulo, ka e nesetsa motse o mong, motse o mong ke se ke ka o nesetsa; tshimo e nngwe ya nesetswa, tshimo e nngwe e sa kang ya nesetswa ya omella;


O sebeditse ka matla ka letsoho la hae; o qhalantse ba ikgohomositseng mehopolong ya dipelo tsa bona;


O entse mefuta yohle ya batho ka madi a le mang ho aha sebakeng sa lefatshe lohle; o laetse mehla e laotsweng ke wona, le meedi ya ho aha ha bona;


Eyang, le howeletse ho medimo eo le ikgethetseng yona, e ke e le namolele nakong ena ya tsietsi ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos