Eitse ha Ragele a bona hoba ha a tswalle Jakobo bana, Ragele a honohela moholwane wa hae, a re ho Jakobo: Nnee bana; ho seng jwalo, ke a shwa.
1 Bakorinthe 13:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lerato le sebete, le mosa; lerato ha le na mona; lerato ha le na boikgantsho; ha le ikgohomose. BIBELE Lerato le na le mamello, lerato le mosa; ha le na mohono, ha le na boikakaso, ha le na boikgohomoso, Baasraak Sotho NT Lorato lo pelotelele, lo pelonomi; lerato ha le honohele; lerato ha le ikgohomose, ha le ikgohomose; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Lorato lo pelotelele, lo pelonomi; lerato ha le honohele; lerato ha le ikgohomose, ha le ikgohomose; |
Eitse ha Ragele a bona hoba ha a tswalle Jakobo bana, Ragele a honohela moholwane wa hae, a re ho Jakobo: Nnee bana; ho seng jwalo, ke a shwa.
ba hana ho utlwa, mme ha ba ka ba elellwa dimakatso tsa hao tseo o ba etseditseng tsona; ba mpa ba satalatsa melala ya bona, mme boikgantshong ba bona, ba ipeela morena, ba tle ba kgutlele kgolehong ya bona. Empa wena, o Modimo o tletseng tshwarelo le mohau le lereko, o diehang ho halefa, o tletseng kgauhelo; ke kahoo o sa kang wa ba furalla.
Katleho e ka tseleng ya hae kamehla; o sitwa ho bona dikahlolo tsa hao; o tsheha hodima dira tsohle tsa hae.
Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, kgang ha e eso ho hotele, o e tlohele.
Ya apesang molato o batla lerato; empa ya phunyang makunutu o fapanya batho ba ratanang.
Molemo wa motho o tsejwa ka seo a ratang ho se etsa, ke moo mofutsana a fetang morui ya lehata.
Ha pelo ya mmusi e ka o halefela, o se ke wa furalla ditulo tsa hao, hobane mosa o ka o phemisa phoso e kgolo.
Bapatriareka ba honohela Josefa, ba reka ka yena, a iswa Egepeta; empa Modimo wa nna wa eba le yena,
Ba tletse bokgopo bohle, le bootswa, le lonya, le takatso ya moruo, le bolotsana, ba tletse mohono, le polao, le kgang, le thetso, le manganga.
Re tsamayeng ka mokgwa o tshwanelang, jwaloka batho ba tsamayang motshehare o moholo, e seng ka meharo, le botahwa, le bootswa, le dikgang, le mona.
hoba le sa le ba nama. Hobane haele moo mona o sa le teng hara lona, le diphapang, na ha le ba nama na? na ha le ye ka mokgwa wa batho na?
Banabeso, ke tshwantshitse taba tseo ka nna le ka Apolose, ka baka la lona, le tle le ithute ka rona hore le se ke la tlodisa se ngodilweng; hore ho se ke ha eba e mong hara lona ya ikgantshang ho e mong ke ho emela e mong.
Leha ho le jwalo, le ikgohomositse, kanthe ha le a ka la lla ka ho re, ho tloswe hara lona ya entseng ketso eo!
Haele ka dintho tse hlabetsweng ditshwantsho, re a tseba hobane bohle re na le tsebo. Tsebo empa e na le boikgohomoso, athe lerato le a hahisa.
Hobane ke a tshoha hoba, ekaba mohla ke tlang, ke tla le fumana le se jwalokaha nka le rata, mme le nna le tla fumana ke se jwalokaha le rata, mme mohlomong ke tla fihlela dikgang, le mehono, le diphapang, le dikomang, le ditshebo, le diketselletso, le boikgohomoso, le meferefere.
ka ho hlweka, ka tsebo, ka sebete, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boiketsiso,
Le rekolohelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo le wona o le tshwaretse ka Jesu Kreste.
Ba bang ba fela ba etsa jwalo ka mona le ka kgang; empa ba bang ba bolela Kreste ka pelo e kgabane.
le ntse le tiile ka nqa tsohle ka matla a wona a kganyang, ho ba le mamello nthong tsohle le sebete se selelele ka thabo;
Motho a se ke a le hlokisa moputso ka ho rata ha hae, ka taba tse kang boikokobetso, le tshebeletso ya mangeloi, a ikenya ho tseo a sa kang a di bona, ke ho ikgohomosetsa lefeela ka kutlo ya hae ya nama,
Le apare ke hona, kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halalelang, ba ratwang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.
Hape, banabeso, re a le rapela, hore le ke le lokise ba sa yeng ka molao, le tshedise ba pelo di tepeletseng, le tiise ba fokolang, mme le be le mamello ho bohle.
o ikgohomositse, ha a tsebe letho, mme o jewa ke leru la diphetolano le la dikgang tse hlahisang mona, le dikomang, le dinyefolo, le diplaelo tse mpe,
A rute ka bonolo ba hanyetsang, ho tle ho lekwe hore na mohlomong Modimo o ke se ke wa ba nea pako, ba be ba lemohe nnete;
Empa haele wena, o rutehile thuto ya ka ruri, le ho etsa ha ka, le phehello ya ka, le tumelo ya ka, le mamello ya ka, le lerato la ka, le sebete sa ka;
O bolele lentswe, o phehelle nako ha e tshwaneleha, leha e sa tshwanelehe; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka ho ruta.
Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.
Na le lekanya hoba Lengolo le bolela lefeela na? Moya o ikahetseng ho rona na o re isa mohonong na?
Jwale, le ke le lahle lonya lohle, le thetso yohle, le boiketsiso, le mohono, le diketselletso tshohle;
Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;