Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 1:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ba bang ba fela ba etsa jwalo ka mona le ka kgang; empa ba bang ba bolela Kreste ka pelo e kgabane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Ke nnete, ba bang ba phatlalatsa tsa Kreste ka mona le ka kgang, empa ba bang ba etsa jwalo ka dipelo tse ntle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Ba bang ba bolela Kreste ka mohono le ka kgang; mme ba bang le bona ka boithatelo bo botle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ba bang ba bolela Kreste ka mohono le ka kgang; mme ba bang le bona ka boithatelo bo botle.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 1:15
22 Referencias Cruzadas  

Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona;


Haele lentswe leo o le rometseng ho bana ba Iseraele, ha o bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng Morena wa bohle, le a le tseba,


Leha ho le jwalo, ba bang ho bona, e leng banna ba Sipera le ba Sirene, yare ha ba kena Antioke, ba bua le Bakgerike, ba ba bolella ditaba tsa Morena Jesu.


Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi wohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.


Yaba Filipi o ahlamisa molomo wa hae, a qala ka lengolo leo ho mmolella tsa Jesu.


Haele Filipi, a theohela motseng o mong wa Samaria, a bolela Kreste teng.


A phakisa a bolela Jesu masinagogeng, a tiisa hore ke Mora wa Modimo.


empa ba ngangellang, ba sa utlweng nnete, ba utlwang ho sa lokang, o ba nee kgalefo le bohale.


empa haele rona, re bolela Kreste ya thakgisitsweng, e leng kgopiso ho Bajuda, le bohlanya ho Bagerike.


Mme leha nka aba maruo a ka wohle, ka fana ka wona, kapa leha nka tela mmele wa ka hore o tjheswe, ha ke se na lerato, tseo ha di nthuse letho.


Hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, ya boletsweng hara lona ke rona, nna le Silfane le Timothea, ha e a ka ya eba e le tjhe, empa e bile e ho yena.


Hobane batho ba jwalo ke baapostola ba bohata, ke basebetsi ba mano, ba ikgakanya ka sebopeho se kang sa baapostola ba Kreste.


Hobane ke a tshoha hoba, ekaba mohla ke tlang, ke tla le fumana le se jwalokaha nka le rata, mme le nna le tla fumana ke se jwalokaha le rata, mme mohlomong ke tla fihlela dikgang, le mehono, le diphapang, le dikomang, le ditshebo, le diketselletso, le boikgohomoso, le meferefere.


Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme haele rona, re ipolela hore re bahlanka ba lona, ka baka la Jesu.


E ne e le ka baka la baena ba bohata ba kgukgunetseng hara rona ba sa lemohuwe, mme ba nanaretse ho tla hlwela tokoloho eo re nang le yona ho Jesu Kreste, ba tle ba re busetse botubong.


Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.


Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos