Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 8:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Haele ka dintho tse hlabetsweng ditshwantsho, re a tseba hobane bohle re na le tsebo. Tsebo empa e na le boikgohomoso, athe lerato le a hahisa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jwale ke kena tabeng ya tse hlabetsweng medimo ya bohata. Ke nnete hore rona re na le tsebo tabeng ena. Tsebo eo e ye e bake boikgohomoso, empa lerato le a hodisa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Haele malebana le dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore bohle re na le tsebo. Tsebo e a ikhohomosa, empa lerato lea haha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Haele malebana le dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore bohle re na le tsebo. Tsebo e a ikhohomosa, empa lerato lea haha.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 8:1
35 Referencias Cruzadas  

O itshepetse bolotsana ba hao; o ne o re: Ha ke bonwe ke motho. Bohlale le tsebo ya hao ke tsona tse o thetsitseng, mme o itse pelong ya hao: Ke nna, ha ho e mong haese nna.


Ho madimabe ba ipeileng bohlale mahlong a bona, ba itshepetseng kelello ya bona!


Ba biletsa setjhaba mahlabelong a medimo ya bona; setjhaba sa eja, mme sa kgumamela medimo ya bona.


Mme jwale, le lekelang Modimo, ka ho bea molaleng wa barutuwa joko eo bontata rona, leha e le rona, re sitilweng ho e jara,


e leng ho tela tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka kgotso!


Haele baditjhaba ba dumetseng, re ba ngoletse hoba re ahlotse hore ba se ke ba tlangwa ka tse jwalo; feela, ba tele tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe.


Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.


Kgomarelanang hammoho ka pelo e le nngwe; le se ke la lakatsa tse phahameng, le mpe le ipapise le tse nyenyane. Le se ke la ipona bohlale.


Empa wena, o ahlolelang ngwaneno? Kapa wena, o nyedisetsang ngwaneno? Athe bohle re tla emiswa pela setulo sa kahlolo sa Modimo.


Ke a tseba, ke bile ke kgolwa ke le ka ho Morena Jesu, hobane ha ho ntho e ka bang mpe, ka bobe boo e leng ba yona; empa motho ekare ha a dumela hobane ntho e mpe, e tla ba mpe ho yena.


A re ke re batleng ke hona ditaba tse hlahisang kgotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.


Ha o ena le tumelo, o be le yona kahare ho wena pela Modimo. Motho ya lehlohonolo ke eo letswalo la hae le sa mo tsweng dinthong tseo a di emelang.


Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, mme ya sa jeng tsohle le yena a se ke a ahlola ya jang tsohle; hobane Modimo o mo amohetse.


Haele nna, banabeso, ke a tshepa hore le lona le tletse molemo, le hoba le tletse le tsebo yohle, mme le hona le ka tseba ho eletsana.


Hobane le filwe ho yena monono dinthong tsohle, monono wa mantswe wohle le wa tsebo yohle;


Ke bua le lona kaha le le batho ba nang le kelello; ikahloleleng seo ke se bolelang.


Empa etlere ha motho a le bolella, a re: Ntho eo e hlabetswe ditshwantsho, le se ke la e ja ka baka la ya le eleditseng, le ka baka la letswalo; hobane lefatshe ke la Morena, le ho tlala ha lona.


Banabeso, le se ke la ba bana hlalefong, le mpe le be bana lonyeng; mme haele hlalefong, le be banna.


Hlaphohelwang, le se otsele, le phele ka ho loka, le se ke la etsa sebe; hobane ba bang ba hloka tsebo ya Modimo; ke le bolella hoo, e be dihlong ho lona.


Rona, re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona, le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona, le a bokwa, empa rona, re a kgeswa.


Ba bang ho lona ba ikgantshitse jwaloka hoja ke sa tlo hlola ke eya ho lona.


Banabeso, ke tshwantshitse taba tseo ka nna le ka Apolose, ka baka la lona, le tle le ithute ka rona hore le se ke la tlodisa se ngodilweng; hore ho se ke ha eba e mong hara lona ya ikgantshang ho e mong ke ho emela e mong.


Leha ho le jwalo, le ikgohomositse, kanthe ha le a ka la lla ka ho re, ho tloswe hara lona ya entseng ketso eo!


Ha le na tokelo ya ho ithorisa! Na ha le tsebe hoba tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela na?


Ekare ha motho a lekanya hoba o tseba ntho, ha a eso ho tsebe letho kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.


Jwale, ha e le ka ho ja dijo tse halbetsweng ditshwantsho, re a tseba hore setshwantsho hase letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.


Empa tsebo ha e ho bohle; hobane ba bang le jwale ba sa ntse ba eja dintho tse hlabetsweng ditshwantsho ke letswalo la hore setshwantsho ekaba se na le taba, mme letswalo la bona le fokolang le ditshila ke hona.


eo mmele wohle o bopehileng hantle, o kopantsweng hammoho, ka dikopano tsohle tse fepang ditho tsohle, o nkang kgolo ho yena, ka matla a abelwang se seng le se seng sa tsona, o tle o hahuwe leratong.


Motho a se ke a le hlokisa moputso ka ho rata ha hae, ka taba tse kang boikokobetso, le tshebeletso ya mangeloi, a ikenya ho tseo a sa kang a di bona, ke ho ikgohomosetsa lefeela ka kutlo ya hae ya nama,


Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.


Empa ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena; ke hobane o dumella Jesebele, mosadi eo ya ipitsang moporofeta, ho ruta, le ho kgelosa bahlanka ba ka, hore ba tle ba etse bohlola, mme ba je dinama tse hlabetsweng medimo ya bohata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos