Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 8:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Haele malebana le dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore bohle re na le tsebo. Tsebo e a ikhohomosa, empa lerato lea haha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Haele ka dintho tse hlabetsweng ditshwantsho, re a tseba hobane bohle re na le tsebo. Tsebo empa e na le boikgohomoso, athe lerato le a hahisa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jwale ke kena tabeng ya tse hlabetsweng medimo ya bohata. Ke nnete hore rona re na le tsebo tabeng ena. Tsebo eo e ye e bake boikgohomoso, empa lerato le a hodisa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Haele malebana le dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore bohle re na le tsebo. Tsebo e a ikhohomosa, empa lerato lea haha.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 8:1
35 Referencias Cruzadas  

Jwale, ke ka baka lang le lekang Modimo ka ho jara barutuwa ba bona joko melaleng, eo bontata rona le rona re sa kang ra khona ho e jara?


Ke hore le ile dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le tse fenethilweng, le bohlola; Dumelang hantle.


Haele baditjhaba ba dumetseng, re ba ngoletse, ra ba ra rera hore ba se ke ba boloka tse jwalo, haese feela hore ba ipoloke dinthong tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le tse fenethilweng, le bohlola.


Bana beso, ha ke rate hore le hloke tsebo ya sephiri sena, esere la ipona le le ba bohlale; hore bofofu bo hlahetse Iseraele ka nqa e nngwe, ho fihlela botlalo ba Baditjhaba bo kena.


Ebang le kelello e le ’ngoe e mong ho e mong. Le se ke la hlokomela tse phahameng, le mpe le ipee boemong ba batho ba tlaase. Le se ke la ipona bohlale.


Empa o ahlolelang ngwaneno? Kapa ke hobane’ng ha u nyelisa ngoan’eno? hobane bohle re tla ema pela setulo sa kahlolo sa Kreste.


Ke a tseba, mme ke kgodisehile ho Morena Jesu hore ha ho letho le ditshila ka botsona;


Ka baka leo, a re lateleng tse tlisang kgotso, le tseo re ka hahanang ka tsona.


Na o na le tumelo? e be le wena pela Modimo. Ho lehlohonolo ya sa inkeleng molato ka seo a se dumelang.


Ya jang a se ke a nyedisa ya sa jeng; mme ya sa jeng a se ke a ahlola ya jang, hobane Modimo o mo amohetse.


Haele nna, banabeso, ke kgodisehile ka lona hore le lona le tletse molemo, le tletse tsebo yohle, le hore le ka kgona le ho eletsana.


Hobane le ruisitswe ke yena nthong tsohle, dipolelong tsohle, le tsebong yohle;


Ke bua jwaloka hoja ke bua le ba bohlale; ahlolang seo ke se bolelang.


Empa ekare ha motho a re ho lona: Ntho ena e hlabetswe medimo ya bohata, le se ke la e ja ka baka la ya le boletseng, le ka baka la letswalo;


Banab’eso, le se ke la ba bana matleng a kelello;


Tsohang ho loka, le se ke la etsa sebe; hobane ba bang ha ba na tsebo ya Modimo;


Re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona le bahlomphehi, empa rona re a nyatseha.


Jwale ba bang ba ikgohomositse, jwaloka hoja ke sa tlo tla ho lona.


Bana beso, taba tseo ke di tshwantshitse ho nna le ho Apolose, ka baka la lona; le tle le ithute ka ho rona ho se lebale batho ho fetisa se ngodilweng, hore ho se ke ha eba e mong wa lona ya ikgohomosetsang e mong ho e mong.


Mme lona le a ikgohomosa, mme haholo ha le a ka la lla, hore ya entseng ketso eo a tloswe hara lona.


Ho ithorisa ha hao ha ho molemo. Ana ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e lomosa hlama kaofela?


Mme ekare ha motho a nahana hore o tseba taba, ha a eso ho tsebe kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.


Jwale malebana le ho jewa ha dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modingwana ha se letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.


Leha ho le jwalo, tsebo eo ha e yo ho motho e mong le e mong; mme matswalo a bona ha a fokola a a silafala.


Ke yena eo mmele wohle o kopantsweng hantle, o kopantsweng hantle, ka ho tshehetswa ha leloko le leng le le leng, ho ya ka tshebetso e lekanyang setho se seng le se seng, o hodisa mmele ho ikgahang ka lerato.


Ho se be motho ya le thetsang mabapi le moputso wa lona ka boikokobetso ba boithatelo ba lona, le ka borapedi ba mangeloi, ka ho itshunyatshunya dinthong tseo a sa kang a di bona, a ikgohomositse lefeela ka kelello ya hae.


Empa ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena, ke hobane o na le ba kgomaretseng thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, hore ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.


Leha ho le jwalo, ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena, ke hobane o dumella mosadi eo Jesebele, ya ipitsang moporofeta wa mosadi, ho ruta le ho kgelosa bahlanka ba ka, hore ba etse bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos