Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 30:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse ha Ragele a bona hoba ha a tswalle Jakobo bana, Ragele a honohela moholwane wa hae, a re ho Jakobo: Nnee bana; ho seng jwalo, ke a shwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Yare ha Ragele a bona hore ha a tswalle Jakobo bana, a honohela ngwanabo, mme a re ho Jakobo: “Mphe bana, ho seng jwalo ke tla shwa!”

Ver Capítulo Copiar




Genese 30:1
26 Referencias Cruzadas  

Jehova a bona hoba Lea o hloilwe, mme a mo thibolla popelo: empa Ragele ya eba nyopa.


Banababo ba mo honohela, empa ntatae a nahana taba eo.


Haele yena, a fetela pele feelleng, tsela ya tsatsi le le leng, a fihla, a dula tlasa sehlahla, a ikopela ho shwa, a re: Ho lekane! Oho, Jehova, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bontate ka molemo.


O kae ya ratang ho tsekisana le nna? Ha ho se jwalo nka kgutsa, ka shwa.


Ke ne ke sa shwe keng mpeng ya mme, kapa ke ne ke sa timele keng ke sa tswa popelong?


Athe bohale bo bolaya lehlanya, mme lewatla le bolawa ke mona.


Ba honohela Moshe diahelong, le Aarone, mokgethwa wa Jehova.


Pelo e tshweu e phedisa mmele wa motho; empa mona o bodisa masapo a hae.


Ke nqalo ya bafu, le mpa e sa tswaleng, le mobu o sa kgoreng metsi, le mollo o sa reng: Ho lekane!


Ke bone hobane mokgathala wohle le mesebetsi yohle e metle ya batho e ntse e hlahisa mona le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.


Ha ekaba o nketsa jwalo, oho, ke a o rapela, o mpolaye, ha ekaba ke fumane mohau pela hao; e, o mpolaye, ke tle ke se ke ka bona bomadimabe ba ka!


Moshe a re: Na o a mpoulella na? O! hoja setjhaba kaofela sa Jehova se ka fela sa porofeta, mme Jehova a bea moya wa hae hodima bona!


a tloha Judea, mme a boela a ya Galelea.


Hobane barutuwa ba hae ba ne ba ile motseng ho reka dijo.


hoba le sa le ba nama. Hobane haele moo mona o sa le teng hara lona, le diphapang, na ha le ba nama na? na ha le ye ka mokgwa wa batho na?


Hobane ho swaba ka mokgwa o ratwang ke Modimo ho hlahisa pako e pholosang, e sa bakelweng; empa ho swaba ka mokgwa wa lefatshe ho hlahisa lefu.


ke mohono, le dipolao, le botahwa, le meharo, le dintho tse jwalo, tseo ke le bolellang, jwalokaha ke se nkile ka le bolella, hore ba etsang tse jwalo, ba ke ke ba ba ba rua mmuso wa Modimo.


Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.


Empa ha ekaba le ena le mona o bohloko le kgang ka dipelong tsa lona, le se ke la ithorisa, mme le se ke la etsa leshano, ka ho sitelwa nnete.


Na le lekanya hoba Lengolo le bolela lefeela na? Moya o ikahetseng ho rona na o re isa mohonong na?


A tla a hlokofetse moyeng wa hae, a rapela Jehova, a ntse a lla habohloko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos