1 Bakorinthe 10:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Modimo ha o a ka wa kgahliswa ke ba bangata hara bona, haele moo ba rapaladitswe feelleng. BIBELE Empa Modimo ha a a ka a kgahlwa ke ba bangata ba bona, mme ba ile ba shwela lehwatateng ka bongata. Baasraak Sotho NT Empa Modimo ha o a ka wa kgahlwa ke ba bangata ba bona, hobane ba ne ba dihetswe feelleng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa Modimo ha o a ka wa kgahlwa ke ba bangata ba bona, hobane ba ne ba dihetswe feelleng. |
mme jwalokaha ke ne ke isane nyeweng le bontata lona lefeelleng la naha ya Egepeta, ke tla isana nyeweng le lona jwalo, ho rialo Morena Jehova.
Haele batho bana kaofela ba boneng kganya ya ka le mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, ba seng ba ntekile ha leshome, ba sa kang ba utlwa lentswe la ka,
banna bao ba neng ba nyatsitse naha, ba eshwa pela sefahleho sa Jehova ka lefu la sewa.
Haele dilemo tseo re nnileng ra tsamaya ka tsona, ho tloha Kadeshe-Barnea, ho isa tsatsing leo re tshetseng nokana ya Serede ka lona, ya eba dilemo tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi, mofuta wohle wa bana ba ntwa o be o fele diahelong, kamoo Jehova a neng a ba hlapanyeditse kateng.
Ana ba o halefisitseng ka dilemo tse mashome a mane ke bafe? Na hase ba sitilweng, bao ditopo tsa bona di wetseng feelleng?
Ke rata ho le hopotsa taba eo le seng le e tseba, ke hoba Morena, hobane a lwele setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o fedisitse ba sa kang ba dumela.