Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 banna bao ba neng ba nyatsitse naha, ba eshwa pela sefahleho sa Jehova ka lefu la sewa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

37 banna bana ba tlisitseng ditaba tseo e seng tsa nnete, ba ile ba bolawa ke lefu la sewa ba le kapele ho Morena.

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:37
17 Referencias Cruzadas  

Leha batho ba ka wa ba le sekete lehlakoreng la hao, ba le diketekete letsohong la hao le letona, wena, lefu le ke ke la o atamela.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgalemela Shemaia, Monehelame, le leloko la hae; ha ho sa tla ba motho wa hae ya ahang hara setjhaba sena; ha a tla ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa setjhaba sa ka, ho bolela Jehova, hobane o bile a bolela hore ho kwenehelwe Jehova.


Yaba mollo o tswa pela Jehova, wa ba tjhesa; mme ba eshwa pela Jehova.


Ba nyefola hara bana ba Iseraele naha eo ba neng ba ile ho e lekola, ba re: Naha eo re e haotseng ho e hlwela ke naha e jang baahi ba yona; batho bohle bao re ba boneng teng, ke batho ba seemo se selelele;


Ke tla se otla ka lefu la sewa, ke se timetse, mme ka wena ke tla etsa setjhaba se seholo ho sona, se se fetang ka matla.


Ho banna ba neng ba ile ho hlwela naha, ha phela Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne feela.


Ha tswa mollo ho Jehova, wa timeletsa banna bao ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba neng ba hlahisa dibano.


Ba neng ba shwe ke lefu leo, e bile batho ba dikete tse leshome le metso e mene tse makgolo a supileng, kantle ho ba neng ba shwele ka taba ya Kore.


Ba tsekisa Moshe, ba re: Hoja ra timela mohla banababo rona ba timelang pela Jehova!


Esele e mpone, mme e se e kile ya kgeloha hararo pela ka. Hoja e sa ka ya kgeloha pela ka, nka ba ke o bolaile, mme nka be ke e tlohetse e phele.


Ba shweleng ke sewa seo ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.


Hape, le se ke la korotla jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba korotla, mme ba bile ba timetswa ke motimetsi.


Empa Modimo ha o a ka wa kgahliswa ke ba bangata hara bona, haele moo ba rapaladitswe feelleng.


Ana ba o halefisitseng ka dilemo tse mashome a mane ke bafe? Na hase ba sitilweng, bao ditopo tsa bona di wetseng feelleng?


Mme ke ho bomang o kileng wa hlapanya hore ba ke ke ba kena phomolong ya wona, haese ho ba ikgantshitseng?


Ke rata ho le hopotsa taba eo le seng le e tseba, ke hoba Morena, hobane a lwele setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o fedisitse ba sa kang ba dumela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos