Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 10:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Taba tseo ke ditemoso ho rona, re tle re se ke ra lakatsa tse mpe, jwalokaha ba di lakaditse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Tsena di etsahetse hore e be mohlala ho rona, hore re se ke ra lakatsa tse kgopo, jwalokaha ba ne ba di lakatsa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Dintho tsena e bile mehlala ho rona, hore re se ke ra lakatsa tse mpe, jwalokaha le bona ba ile ba di lakatsa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Dintho tsena e bile mehlala ho rona, hore re se ke ra lakatsa tse mpe, jwalokaha le bona ba ile ba di lakatsa.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 10:6
12 Referencias Cruzadas  

Le bona baditjhaba ba leng hara bona ba tshwarwa ke boshwata; esita le bona bana ba Iseraele ba boela ba lla, ba re:


Leha ho le jwalo, lefu le kile la busa ho tloha ho Adama ho isa ho Moshe, la eba ho ba sa kang ba sitwa ka ho tlola ho tshwanang le ha Adama, eo e leng setshwantsho sa ya neng a tla tla.


Efela taba tseo tsohle di ne di ba hlahele hore e be ditemoso, mme di ngodilwe hore re ithute ka tsona, rona ba hlahetsweng ke mehla ya bofelo.


A re ke re itlhahaneleng ke hona ho kena phomolong eo, esebe e mong a tshoha a ewa ke ho ya ka mohlala wa bao ba sa kang ba dumela.


Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, e leng setshwantsho feela sa sa sebele; empa o kene lehodimong la sebele, a tle a hlahe jwale pela sefahleho sa Modimo, sebakeng sa rona;


Se tshwantswang ke hoo ke kolobetso e re pholosang jwale — e seng e hlatswang ditshila tsa mmele, empa eo e leng ho itlama ha letswalo le letle pela Modimo — ka tsoho ya Jesu Kreste,


mme ha o ahlotse metse ya Sodoma le Gomora ka ho e ripitla, le ka ho e fetola molora, hore e be temoso ho ba tlang ho ba banyefodi;


Ho bile jwalo le Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bootswa bo le bong, ka ho kgelohela ho batla nama esele; metse eo yohle e beilwe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ya mollo o sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos