Rebeka a sebelwa polelo ya Esau mora wa hae e moholo; yaba o romela, a bitsa Jakobo, mora wa hae e monyenyane, a re ho yena: Bona, Esau, moholwane wa hao, o rata ho iphetetsa ka wena ka ho o bolaya.
1 Bakorinthe 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane, banabeso, ke boleletswe bakeng sa lona ke ba ha Klowe hore dikgang di teng hara lona. BIBELE Bana beso, ke fela ke ile ka tsebiswa ka lona ke ba ha Kolowe hore le a tsekisana. Baasraak Sotho NT Hobane banabeso, ba ntlo ya Kloe ke boleletswe ka lona hore ho na le dikomang hara lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane banabeso, ba ntlo ya Kloe ke boleletswe ka lona hore ho na le dikomang hara lona. |
Rebeka a sebelwa polelo ya Esau mora wa hae e moholo; yaba o romela, a bitsa Jakobo, mora wa hae e monyenyane, a re ho yena: Bona, Esau, moholwane wa hao, o rata ho iphetetsa ka wena ka ho o bolaya.
Meloko ya Jakobo ke ena: Josefa o ne a le dilemo tse leshome le metso e supileng; o ne a ntse a alosa dinku le banababo, mme mohlankanyana eo o ne a tsamaya le bara ba Bilha le bara ba Silpa, basadi ba ntatae; empa Josefa o ne a ntse a sebela ntata bona ditaba tse mpe tsa bona.
Ke a le rapela, banabeso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le nngwe; dikgaohano di se ke tsa eba teng hara lona, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le kgopolong e le nngwe.
Ke lekanya jwalo, kahobane e mong le e mong ho lona o re: Nna, ke wa Pauluse! — Nna, ke wa Appolose! — Nna, ke wa Kefase! — Nna he, ke wa Kreste!
Hobane taba ya ho qala, ke hore, ha le phuthehela kerekeng, ke utlwa hoba diphaphang di teng ho lona; mme ka nqa e nngwe ke kgolwa hoba ho jwalo,
hoba le sa le ba nama. Hobane haele moo mona o sa le teng hara lona, le diphapang, na ha le ba nama na? na ha le ye ka mokgwa wa batho na?
Hobane ke a tshoha hoba, ekaba mohla ke tlang, ke tla le fumana le se jwalokaha nka le rata, mme le nna le tla fumana ke se jwalokaha le rata, mme mohlomong ke tla fihlela dikgang, le mehono, le diphapang, le dikomang, le ditshebo, le diketselletso, le boikgohomoso, le meferefere.
ke ho rapela medimo ya bohata, le boloi, ke hloyano, le dikomang, ke mona, le bohale, le dikgang, le diphapang, le dikgaohano;
o ikgohomositse, ha a tsebe letho, mme o jewa ke leru la diphetolano le la dikgang tse hlahisang mona, le dikomang, le dinyefolo, le diplaelo tse mpe,
Empa o tshabe dikgang tsa bowatla, le tsa masika, le diqabang le diphapang tse etswang hodima molao; hobane ha di thuse letho, mme ke lefeela.