Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 27:42 - Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Rebeka a sebelwa polelo ya Esau mora wa hae e moholo; yaba o romela, a bitsa Jakobo, mora wa hae e monyenyane, a re ho yena: Bona, Esau, moholwane wa hao, o rata ho iphetetsa ka wena ka ho o bolaya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

42 Empa Rebeka a bolellwa mantswe ana a Esau, mora wa hae wa matsibolo; yaba Rebeka o laela hore ho bitswe Jakobo, mora wa hae e monyenyane, mme a re ho yena: “Bona, moholwane wa hao Esau o tla iphetetsa ka ho o bolaya.

Ver Capítulo Copiar




Genese 27:42
11 Referencias Cruzadas  

Esau a hloya Jakobo ka baka la hlohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona, mme Esau a re ka pelong ya hae: Ditshiu tsa bofifi ba ntate di haufi, ke tla bolaya moena ka, Jakobo.


Jwale, mora wa ka, mamela lentswe la ka: o tlohe, o ipalehele Harane ho kgaitsedi ya ka, Labane;


Oho, o ntwele letsohong la moholwane wa ka, letsohong la Esau, hobane ke a mo tshaba, hoba a ka tla a mpolaya, le mma bana le bana.


Jakobo a eteletsa manqosa pele, a yang ho Esau, moholwane wa hae, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo;


Ba pheheletse ho etsa hampe, ba rera hammoho ho pata maraba, ba re: Ke mang ya tla a bona?


ba thabelang bolotsana, ba iketekang ka diketso tse mpe;


Le basadi ba babedi ba Davida ba ne ba hapilwe, e le Akinohame wa Jisreele le Abigaile, mosadi wa Nabale, wa Karmele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos