Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Empa o tshabe dikgang tsa bowatla, le tsa masika, le diqabang le diphapang tse etswang hodima molao; hobane ha di thuse letho, mme ke lefeela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ha e le dikgang tsa bothoto, le ditaba tsa meloko ya baholoholo, le diqabang, le ditsekisano ka tsa Molao wa Moshe, o di sesefe. Tse jwalo ha di na thuso, ke tsa lefeela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Empa o pheme dipotso tsa bowatla, le ditaba tsa masika, le dikomang, le diqabang tsa molao; hobane ke lefeela, ke lefeela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Empa o pheme dipotso tsa bowatla, le ditaba tsa masika, le dikomang, le diqabang tsa molao; hobane ke lefeela, ke lefeela.

Ver Capítulo Copiar




Tite 3:9
10 Referencias Cruzadas  

Na diphetholo tsa hae e ka ba mantswe a sa reng letho, le dipolelo tsa hae na di ka hloka thuso na?


Mme leha nka ba le neo ya boporofeta, kapa leha nka tseba diphiri tsohle le bohlale bohle, leha nka ba le tumelo yohle, ka ba ka falatsa le dithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho.


Haele ka dintho tse hlabetsweng ditshwantsho, re a tseba hobane bohle re na le tsebo. Tsebo empa e na le boikgohomoso, athe lerato le a hahisa.


Empa o hane ditshomo tsa bosawana, tse kang tse bolelwang ke basadi ba tsofetseng, mme o itlhakisetse borapeding.


O ba hopotse taba tseo, mme o ba laele pela Morena hore ba se ke ba etsa kgang ka ditaba; kgang tseo ha di thuse letho, empa di senya ba di utlwang.


O hane meswaso ya dipolelo tsa lefeela; hobane ba tsamayang ka tsona ba tla nne ba fetele nyefolong e fetisang;


O furalle dikgang tsohle tsa bowatla, tseo ho sa ithutweng letho ka tsona, etswe o tseba hoba di tswala dintwa.


mme ba se ke ba ineela ditshomo tsa Bajuda, le ditaelo tsa batho ba furallang nnete.


Dintwa le diphapang tse hara lona di tswa kae? Na ha di tswe ditakatsong tsa lona tse lwanang dithong tsa lona na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos