Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Polelo eo e tiile, mme ke rata hoba o omele ka matla tabeng tseo, hore ba dumetseng ho Modimo ba iponele, ba tle ba phehelle mesebetsi e metle, tse ntle, tse molemo ho batho ke tsona tseo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Lena ke lentswe la nnete. Nka rata hore ho tsena o se ke wa thekesela, e le hore bohle ba tshepang Modimo ba ikemisetse ho thahasella mesebetsi e metle. Hona ho hotle, mme ke thuso ho batho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Polelo ena e a tshepahala, mme ke rata hore o tiise taba tseo ka mehla, hore ba dumetseng ho Modimo ba tle ba ele hloko ho boloka mesebetsi e metle. Dilo tse, di molemo, di molemo mo bathong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Polelo ena e a tshepahala, mme ke rata hore o tiise taba tseo ka mehla, hore ba dumetseng ho Modimo ba tle ba ele hloko ho boloka mesebetsi e metle. Dilo tse, di molemo, di molemo mo bathong.

Ver Capítulo Copiar




Tite 3:8
26 Referencias Cruzadas  

Na motho a ka etsetsa Modimo molemo ka ntho e nngwe na? Tjhe, le ho leka; motho ya bohlale o molemo ho yena a nnotshi.


hobane ba sa ka ba dumela ho Modimo, ba sa ka ba tshepa thuso ya wona.


Paki ya leshano e tla timela; empa motho ya mamelang o tla bua, a be a hlole.


Le ho bona a re: Eyang le lona tshimong ya ka ya merara, mme ke tla le nea se le loketseng; mme ba ya.


Jesu a mpa a howa, a re: Ya dumelang ho nna, ha a dumele ho nna, empa o dumela ho ya nthomileng.


Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


Ba re ho yena: O a hlanya. Empa yena a tiisa, a re: Ho jwalo. Yaba ba re: Ke lengeloi la hae.


Athe ya sa sebetseng, a mpa a dumela ho ya beang moetsadibe ya lokileng, tumelo ya hae o e ballwa hoba ke ho loka;


Mme kahobane re na le moya o le mong wa tumelo, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke dumetse, mme ke boletse ke hona; le rona re a dumela, mme ke ka baka leo re bolelang;


Ya neng a utswa, a se ke a hlola a utswa, a mpe a ineele ho sebetsa dintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ya hlokang.


Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.


Ke fela ke rata hoba banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a masweu, ho se bohale le kgang.


ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.


Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.


ya tiyang thutong ya nnete jwalokaha e rutilwe, a tle a lokele le ho kgothatsa ka thuto ya pholoho, le ho hlola bahanyetsi.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Wena ka sebele, o ba etsetse mehlala ya mesebetsi e metle nthong tsohle, ka thuto e hlwekileng le ka ho tshaba ho saoha.


O ba hopotse ho utlwa dihlooho le marena, ho ya ka melao, ho lokela mesebetsi yohle e metle;


Baheso le bona ba ke ba ithute ho phehella mesebetsi e metle, mohla e hlokwang, e tle e se be ba sa beheng ditholwana.


ya neng a se na thuso ho wena pele, empa jwale o na le thuso ho wena le ho nna, mme ke mo kgutlisetsa ho wena.


A re lebelaneng, re tle re isane ka tjheseho leratong le mesebetsing e metle.


ba dumetseng ka yena ho Modimo, o mo tsositseng bafung, wa ba wa mo tlotlisa, hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos