Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 37:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Meloko ya Jakobo ke ena: Josefa o ne a le dilemo tse leshome le metso e supileng; o ne a ntse a alosa dinku le banababo, mme mohlankanyana eo o ne a tsamaya le bara ba Bilha le bara ba Silpa, basadi ba ntatae; empa Josefa o ne a ntse a sebela ntata bona ditaba tse mpe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Tsena ke ditaba tsa lelapa la Jakobo. Josefa ha a ena le dilemo tse leshome le metso e supileng o ne a disa mehlape le bana babo. Moshanyana enwa o ne a ena le bara ba Bileha le Silepa, basadi ba ntatae, mme Josefa a bolella ntatae ditaba tsa bona tse mpe.

Ver Capítulo Copiar




Genese 37:2
17 Referencias Cruzadas  

Ke tsema ditloholo tsa bara ba Nowe: Sema, Kama le Jafeta ba tswala bara kamorao ho morwallo.


Ke tsena ditaba tsa ho hlaha ha mahodimo le ha lefatshe mohla di bopjwang. Mohla Jehova Modimo a etsang lefatshe le mahodimo,


A mo nea Bilha, lekgabunyane la hae, hore e be mosadi wa hae; mme Jakobo a ya ho yena.


Eitse ha Lea a bona hoba o dutse ho beleha, a nka Silpa, lekgabunyane la hae, a mo nea Jakobo, hore e be mosadi wa hae.


Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.


Josefa o ne a na le dilemo tse mashome a mararo mohla a emang pela Faro, morena wa Egepeta. Mme Josefa a tswa pela Faro, a ya lekola naha yohle ya Egepeta.


Josefa a tseba banababo, empa bona ha ba ka ba mo tseba.


Hobane dilemo ke tsena di pedi tlala e bileng teng lefatsheng, mme ho sa tla dilemo tse hlano tseo ho lema le ho kotula ho tlang ho ba siyo ho tsona.


le tle le re: Bahlanka ba hao re disa mehlape esale le botjheng ba rona ho fihlela jwale, rona le bontata rona; le tle le dule naheng ya Goshene. Hobane badisa kaofela ba mehlape ke manyala ho Baegepeta.


Ke ena buka ya leloko la Adama. Ka letsatsi leo Modimo o neng o bope motho ka lona, o mmopile ka setshwantsho sa Modimo.


Ditaba tsa Nowe ke tsena: Nowe e ne e le motho ya lokileng, ya kgabane mehleng ya hae; mme Nowe o ne a tsamaya le Modimo.


Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ya lona e mebe.


Hobane, banabeso, ke boleletswe bakeng sa lona ke ba ha Klowe hore dikgang di teng hara lona.


Hobane taba ya ho qala, ke hore, ha le phuthehela kerekeng, ke utlwa hoba diphaphang di teng ho lona; mme ka nqa e nngwe ke kgolwa hoba ho jwalo,


Ho tumile kahohle hobane bofebe bo teng hara lona, le hona e le bofebe boo ho sa bolelweng bo bokalo le hara bahetene; ho thwe, e mong o na le mohatsa wa ntatae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos